Beke ea 7 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Siraka. (4:12-22)
“Ba ratang bohlale, Morena o tla ba rata.”
Bohlale bo ikholisetsa bana, bo baballa ba bo batlang. Ea bo ratang o rata bophelo, ba tsohellang ho bo batla ba tla tlala thabo. Ea bo ruileng, letlotlo e tla ba lefa la hae; hohle moo a eang o tla hlohonolofatsoa ke Morena. Ba bo sebeletsang e tla ba bahlanka ba Ea halalelang: ba bo ratang, Morena o tla ba rata.
Ea bo mamelang o tla ahlola ka nepo, ea inehelang bona o tla iphelela ka khotso. Ha eba a beha tšepo ho bona, bo tla fetoha lefa la hae, le litloholo tsa hae li tla bo rua.
Qalong bo tla mo tsamaisa ka litsela tse tsoelipanang, bo mo lihele tšabo le matsoalo, bo mo hlokofatse ka thupelo ea bona, bo mo nonye ka litaelo tsa bona, ho fihlela bo ka beha tšepo ea bona ho eena; joale bo mo khutlisetse ho eena ka tsela e otlolohileng, bo mo thabise, bo mo senolele makunutu a bona. Empa ha a ka kheloha, bo tla mo furalla, bo mo tlohelle hore a oele.
PESALEMA 118
BA RATANG MOLAO OA HAU, MORENA, BA NA LE KHOTSO EA ‘NETE.
Ba ratang Molao oa hau ba na le khotso ea ‘nete
ha ba na ho khoptjoa ke letho.
Ke boloka litaelo le litemoso tsa hau,
efela metsamao eohle ea ka e pontšeng ea hau.
Thoriso ea hau e ke e betsehe molomong oa ka,
hobane u nthuta thato ea hau
Leleme la ka le ke le tumise pallo ea hau,
hobane melao eohle ea hau e lokile.
Ke hlolohetsoe pholoho ea hau, Morena,
Molao oa hau o ntlhatsoa pelo.
A nke ke phele, ke tle ke u rorise,
likahlolo tsa hau li ke li nthuse.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (9:37-39)
“Ea sa le loantšeng o ea le lona.”
Ka nako eo, Joannes a re ho Jesu: Moruti, re bone e mong ea sa re lateleng a leleka bademone ka lebitso la hau, ‘me ra mo thiba. Empa Jesu a re: Le se ke la mo thibela, hobane ha ho motho ea ka etsang mohlolo ka lebitso la ka, eaba o phakisa a bua hampe ka ‘na. Hobane ea sa le loantšeng o ea le lona.
