Vinkmag ad

La 25 Tšitoe 2024

MOKETE OA TSOALO EA MORENA

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (52,7-10)

“Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona pholoho ea Molimo oa rona.”

A bobebe hakaakang holim’a lithaba maoto a ea tlisang litaba tse monate, a ea phatlalatsang tsa khotso, a ea tlisang tsa thabo, a ea phatlalatsang tsa pholoho, a ea reng ho Sione: Molimo oa hau oa busa. Utloa balebeli ba hau ba hlaba mokhosi, ba ntsoe-leng ho hooa ka nyakallo, hobane ba bona ka mahlo ha Morena a khutlela Sione.

Lona masupi a Jerusalema, etsang litlatse, le hooe ka nyakallo, hobane Morena o tšelisitse sechaba sa hae, ‘me o lopolotse Jerusalema.

Morena o bonahalitse letsoho le halalelang la hae mahlong a lichaba tsohle ‘me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona pholoho ea Molimo oa rona.

PESALEMA 97

LIQOLA TSOHLE TSA LEFATšE LI BONE PHOLOHO EA MORENA OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Binelang Morena ka harepa,

ka harepa le ka ‘mino.

Ka meletso ea literompeta le ea liphala,

etsetsang Morena Molimo litlatse.

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (1,1-6)

“Molimo o buile le rona ka Mora oa hae.”

Mehleng ea khale, Molimo o ile a bua khafetsa le ka mekhoa e mengata le bo-ntat’a rona ka baprofeta. Empa litšiung tsa qetello tjena, o buile le rona ka Mora oa hae, eo a ‘mehileng mojalefa oa lintho tsohle, ‘me eo a entseng lintho tsohle ka eena.

O khanya letlotlo la Molimo: ke eena eo e leng setšoantšo se phethehileng sa boleng ba hae, ebile ke eena ea tšehetsang lintho tsohle ka lentsoe le matla la hae.

Ke eena eo eitseng hoba a hloekise batho libe, a ileng a ea leholimong, moo a lekanang le Botlõtlehi ba Molimo: o filoe boholo bo fetang ba manyeloi, joaloka ha lebitso leo a le rehiloeng e le lefa le feta a ‘ona.

Hobane ke lefe la manyeloi leo Molimo a kileng a re ho lona: U Mor’a ka, kajeno ke u tsoetse? Hape a re: Ke tla ba ntat’ae ‘me eena e be mor’a ka. Hape-hape, mohla a tlisang letsibolo la hae lefatšeng, a re: Manyeloi ‘ohle a Molimo a mo khumamele.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes.  (1,1-18 kapa 1-5.9-14)

“Lentsoe la e-ba motho ‘me la aha har’a rona.”

Pele tsohle li qaleha, Lentsoe le ne le le teng; Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ‘me Lentsoe e ne e le Molimo. Le ne le e-na le Molimo, pele tsohle li qaleha. Tsohle li entsoe ka lona, ‘me ha ho letho le entsoeng ha e se ka lona. Tsohle tse entsoeng li bile le bophelo ka lona, ‘me bophelo e ne e le leseli la batho. Leseli la khanya lefifing, ‘me lefifi ha lea ka la le bipetsa.

[Ha e-ba teng motho ea ronngoeng ke Molimo, lebitso la hae e le Joannes. A tla ka bopaki, hore a tle a pakele leseli, e le hore bohle ba lumele ka eena. Eena e ne e se leseli, empa paki ea leseli.]

Lentsoe e ne e le leseli la ‘nete, le neng le tlile lefatšeng ho tla khantšetsa batho bohle. Le ne le le lefatšeng, ‘me lefatše le entsoe ka lona, empa lefatše ha lea ka la le tseba. Le ile la tla ha habo lona, empa ba habo lona ha ba ka ba le amohela.

Athe bohle ba le amohetseng, le ba file matla a ho fetoha bana ba Molimo, e leng ba lumelang ho lona, ba sa kang ba tsoaloa ka mali kapa ka nama, leha e le ka thato ea monna, empa e le ba tsoetsoeng ke Molimo. ‘Me Lentsoe la e-ba motho ‘me la aha har’a rona, ‘me re bone letlotlo la lona, e leng letlotlo la Mora a inotši oa Ntatae leo Ntat’a a le fileng Mora, ea tletseng mohau le ‘nete.

[Joannes o mo pakile, a hooa, a re: Ke eena eo ke neng ke bua ka eena, ha ke re: Ea tlang ho tla kamorao ho ‘na o mphahametse, hobane o n’a le teng pele ho ‘na.

Bohle re amohetse ho tlaleng ha hae, mohau holim’a mohau. Molao o n’o nehiloe ka Moshe, athe mohau le ‘nete li tlile ka Jesu Kriste.

Ha ho motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla, empa mora a inotši oa Molimo, ea leng sefubeng sa Ntat’ae, ke eena ea entseng hore a tsejoe.]

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Tšitoe 2024

Read Next

La 26 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular