Beke ea 4 ea Advente
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (7,1-5.8-11.16)
“Borena ba Davida bo tla tiea pel’a Morena kamehla.”
Ha khosi Davida a se a iphelela tlung ea hae, hoba Morena a mo fe bolulo ba khotso ka ho fenya lira tsohle tse mo pota-potileng, a re ho moprofeta Nathane: Ak’u bone hle, ‘na ke phela tlung ea lifate tsa kedare, athe areka ea Molimo e lutse tenteng feela. Nathane a re ho khosi: E-ea, u etse kamoo u ka bonang kateng, hobane Morena o na le uena.
Bosiung bona boo, lentsoe la Morena la fihlela Nathane, la re: Tsamaea, u bolelle mohlanka oa ka Davida, u re: Ke sena seo Morena a se bolelang:
Na ke uena ea tla nkhahela ntlo eo ke tla aha ho eona? Ke ne ke u late meraka, linkung, ho tla u beha motsamaisi oa sechaba sa ka sa Israele. Ke ile ka ba le uena hohle moo u tsamaileng teng, ‘me ka timetsa lira tsohle pel’a hau. Ke tla tumisa lebitso la hau, le be leholo joaloka mabitso a ba baholo ba lefatše.
Ke tla khethela sechaba sa ka sa Israele sebaka; ke tla se hloma teng, se tle se lule qalong eona eo, se se ke sa hlola se tsukutloa ke letho, le ba khopo ba se phete ba se tuba joaloka pele.
Ho tloha ha ke beha baahloli holim’a sechaba sa ka sa Israele, ke uena eo ke mo fileng bolulo ba khotso ka ho fenya lira tsohle tsa hau. Ke moo Morena a u tsebisang hore eena ka sebele o tla u hlomela ntlo: ntlo ea hau le borena ba hau li tla tiea pel’a ka kamehla: terone ea hau e tla ema kamehla.
PESALEMA 88
MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KA MEHLA.
Morena, ke tla binela mohau oa hau ka mehla,
ke tumise ‘nete ea hau
ho tloha molokong ho isa molokong.
Hobane u itse:
“Mohau oa ka o etselitsoe ho ba teng kamehla,
‘nete ea ka e tiile joaloka maholimo.
Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,
ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,
ka re: Ke tla tiisa lesika la hau kamehla,
le terone ea hao ho tloha molokong ho isa molokong”
O tla re ho ‘na: Ntate,
Molimo oa ka, lefika le mpholosang!
Ke tla ‘maballa mohaung oa ka ka mehla.
selekane sa rona le eena e tla ba se tiileng.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1,67-79)
“Molimo oa rona o tla re chabisetsa Letsatsi la pholoho.”
Ka nako eo, Zakaria, ntat’a Joannes a tlala Moea o Halalelang, ‘me a profeta, a re:
Ho bokoe Morena Molimo oa Israele, hobane o etetse ‘me o lopolotse sechaba sa hae. O re hlometse matla a pholoho tlung ea Davida, mohlanka oa hae, joaloka ha a n’a boletse ka molomo oa bahalaleli, e leng baprofeta ba hae ba mehla ea khale.
Ke pholoho ho rona lireng tsa rona, liatleng tsa bohle ba re hloileng. Ena ke ketso ea mohau ho bo-ntat’a rona, ke khopotso ea selekane se halalelang sa hae.
Ke kano eo a e hlapanyelitseng Abrahama, ntat’a rona, ea hore o tla re ntša liatleng tsa lira tsa rona, a etse hore re mo sebeletse, re sa tšabe letho, ka khalalelo le ka ho loka, re le pel’a hae ka litšiu tsohle tsa rona.
Ha e le uena, ngoana, u tla bitsoa moprofeta oa Ea holimo-limo, hobane u tla etella Morena pele ho mo lokisetsa tsela, le ho tsebisa sechaba sa hae hore se tla pholoha ka ho tšoareloa libe tsa sona.
Hona ho tla etsahala ka mohau o pelong ea Molimo oa rona, o tlang ho re chabisetsa Letsatsi la pholoho, le hlaha holimo ho bonesetsa ba lefifing le moriting oa lefu le ho tataisetsa maoto a rona tseleng ea khotso.
