Beke ea 4 ea Advente
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Malakia, (3,1-4.23-24)
Ke tla le romela moprofeta Elia pele letsatsi la Morena le hlaha.
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Bonang, ke romela leqosa la ka, le tla lokisa tsela kapel’a ka. ‘Me hang Morena eo le ‘matlang o tla kena tempeleng ea hae. Leqosa la selekane leo le le lakatsang, ke leo, le e-tla, ho rialo Morena oa makhotla.
Ke mang ea ka phelang mohla letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ea ka emang a tiile, ha a hlaha? Hobane o joaloka mollo o hloekisang, ‘me o joaloka sesepa sa lihlatsoi.
O joaloka ea qhibilihisang ‘me ea hloekisang silvera; o tla hloekisa bara ba Levi, a ba tšeke joaloka gauda le silvera, ba tle ba hlahisetse Morena nyehelo ka tšoanelo. Ke moo nyehelo ea Juda le ea Jerusalema e tla khahla Morena joaloka mehleng e fetileng le mengoaheng ea boholo-holo.
Ke tla le romela moprofeta oa ka Elia, pele letsatsi la Morena le fihla, letsatsi leo le leholo, le tšabehang. O tla retelletsa pelo tsa bo-ntata ho bara, a reteletse tsa bara ho bo-ntat’a bona, esere ka tla timetsa naha ena la qetello.
PESALEMA 24
RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.
Mpontše ‘mila oa hau, Morena,
u nthute litsela tsa hau.
U ntataise ‘neteng ea hau ‘me u nthute,
hobane ke uena Molimo mopholosi oa ka,
Morena o molemo ‘me o lokile;
ka baka lena o khutlisetsa baetsalibe tseleng.
O tataisetsa ba eisehang ho lokeng
‘me o ruta ba fokolang tsela ea hae.
Litsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le ‘nete
ho ba bolokang selekane le litaelo tsohle tsa hae.
Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang;
o ba senolela selekane sa hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng Luka. (1,57-66)
“Tsoalo ea Joannes Mohlatsoi.”
Nako ea Elisabetha ea ho itšihlolla ha e se e fihlile, a beleha mora. Baahisani le bang ka eena, ha ba utloa hore Morena o bonahalitse mohau oa hae ho eena, ba tla ho mo lebohela.
Ha etsahala hore, ka letsatsi la boroba meno e ‘meli, ba tle ho tla bolotsa ngoana. Ba ne ba batla ho mo rehella ka ntat’ae Zakaria. Empa ‘m’ae a araba, a re: Che! O tla bitsoa Joannes. Ba re ho eena: Ha ho motho lelokong la heno ea bitsoang joalo.
Eaba ba tšoantšetsa ntat’ae hore na a ka rata hore a bitsoe mang. Eena a kopa letlapa, a ngola, a re: Joannes ke lebitso la hae! ‘Me bohle ba makala.
Hang molomo oa hae oa buleha, leleme la hae la lokoloha, ‘me o n’a bua, a boka Molimo. Ke moo baahisani bohle ba ileng ba tšoaroa ke tšabo, ‘me litaba tseo kaofela tsa phatlalla hohle maloting a Judea. Bohle ba neng ba li utloa ba ipolokela tsona ka lipelong tsa bona, ba re: Ekaba ngoana eo e tla ba eng na? Efela letsoho la Morena le ne le le ho eena.
