Beke 3 ea Advente
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Sofonia (3,14-18)
Morena Molimo oa Israele o ka hare ho uena.
Hlaba molilietsane uena morali oa Sione, hooa ka thabo, uena Israele; thaba, u nyakalle ka pelo ea hau eohle, uena morali oa Jerusalema! Morena o hutse kahlolo ea hau, o lelekile lira tsa hau; Morena, khosi ea Israele, o ka hare ho uena, ha u sa tla bona bomalimabe le ka mohla,
Tsatsing leo, ho tla thoe ho Jerusalema: Se tšabe, uena Sione, u se ke ua khathala matla. Morena Molimo oa hau o kahare ho uena, ke mohale ea u pholosang. O tla ithabela ka uena ‘me a nyakalle, o tla u nchafatsa leratong la hae, a u thabele ka mehoo ea nyakallo e kang ea mohla mekete. Ke tla tlosa bomalimabe ho uena, ‘me ha u sa tla jara sekhobo.
PESALEMA 32
ETSETSANG MORENA LITLATSE, LONA BA LOKILENG, ‘MINELENG SEFELA SE SECHA.
Bokang Morena ka harepa,
le mo letsetse cithara.
‘Mineleng sefela se secha,
le li tilinye ka makhethe le ntse le khelekenya.
Morero oa Morena o tiile kamehla,
mehopolo ea pelo ea hae ke ea meloko le meloko.
Ho lehlohonolo sechaba
seo Morena e leng Molimo oa sona,
seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.
Meea ea rona e lebella Morena.
ke eena thuso le thebe ea rona.
Pelo tsa rona li ithabela ka eena.
hobane re tšepile lebitso le halalelang la hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1,39-45)
“Ho ntlhahela kae hore ‘Ma Moren’a ka a tle ho ‘na?”
Ka nako eo, Maria a tloha, a ea maloting ka phakiso, motseng o mong oa Juda. A kena ka tlung ea Zakaria ‘me a lumelisa Elizabetha. ‘Me ha etsahala hore ha Elizabetha a utloa tumeliso ea Maria, ngoana a hlasimolohe popelong ea hae, ‘me Elizabetha a tlala Moea o Halalelang. Eaba o hooa ka lentsoe le matla, a re:
U lehlohonolo har’a basali, ‘me ho lehlohonolo tholoana ea popelo ea hau. ‘Me ho ntlhahela kae hore ‘M’a Moren’a ka a tle ho ‘na? Hobane ke mona, hang ha lentsoe la tumeliso ea hau le kena tsebeng tsa ka, ngoana a hlasimoloha ke nyakallo popelong ea ka. Ho lehlohonolo uena ea lumetseng, hobane tseo u li boleletsoeng ke Morena li tla phethahala.
