Vinkmag ad

La 18 Tšitoe 2024

Beke ea 3 ea Advente

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia (23,5-8).

“Ke tla melisetsa Davida lehlomela le lokileng.”

Bonang, ho rialo Morena, matsatsi a tla ao ka ‘ona ke tlang ho melisetsa Davida lehlomela le lokileng, morena oa ‘nete, ea renang ka seli, ea ahlolang ‘me ea sebetsang ka toka lefatšeng.

Mehleng ea hae, Juda o tla pholoha, Israele a lule a sireletsehile; ‘me ke lena lebitso leo ba tla ‘mitsa ka lona: “Morena-ke-ho-loka-ha-rona.”

Ka baka leo, ho rialo Morena, matsatsi aa tla, ao ka ona ho sa tla thoe: “Ka Morena ea phelang, ea ntšitseng bana ba Israele naheng ea Egepeta!” Empa ho tla thoe: “Ka Morena ea phelang, ea ntšitseng litloholo tsa Israele naheng ea Leboea, le linaheng tsohle tseo a neng a li qhalanyelitse ho tsona, ea li khutlisitseng hore li ikahele lefatšeng la habo tsona.”

PESALEMA 71

TšIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola,

ho mora oa khosi toka ea hau,

a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka

le mafutsana a hau ntle le leeme.

Hobane o tla pholosa mohloki ea llang,

le mohlophehi ea se nang mothusi.

O tla utloela mofokoli le mohloki bohloko,

‘me a pholose bophelo ba mafutsana.

Ho bokoe Morena, Molimo oa Israele,

e leng eena a inotši ea etsang tse tsotehang.

Ho bokoe lebitso le tlotlehang la hae kamehla eohle,

lefatše lohle le ke le tlale khanya ea hae. Amen, Amen.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (1,18-24)

“Jesu o tla belehuoa ke Maria.”

Tsoalo ea Jesu ea e-ba joana: ‘M’ae Maria, ha a se a lebelelitsoe ke Josefa, ba e-s’o ka ba phela ‘moho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moea o Halalelang. Ere ka ha Josefa, mohats’a hae, a ne a lokile ‘me a sa rate ho mo hobosa a rera ho mo hlala ka lekunutu.

Eare a sa hopotse joalo, lenyeloi la Morena la itlhahisa ho eena torong, le re: “Josefa, mor’a Davida, u se ke ua tšaba ho inkela Maria, mohats’a hau; hobane se emotsoeng ka ho eena se tsoa ho Moea o Halalelang. O tla beleha mora eo u tla mo reha lebitso, hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.”

Joale hona hohle ho etsahetse hore ho tle ho phethahale se neng se boleloa ke Morena ka moprofeta, ha a re:

Movirigo o tla emola, a belehe mora, ea tla bitsoa Emmanuele, e leng ho re “Molimo o na le rona,” ha ho fetoloa. Josefa ha a tsoha borokong, a etsa joaloka ha lenyeloi le mo laetse, a inkela mohats’a hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Tšitoe 2024

Read Next

La 19 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular