Sehopotso sa Joannes ea Halalelang oa Sefapano, Moprista le Moruti le Kereke
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (2,1-10)
“Ke bolela tsa bohlale ba Molimo bo patehileng.”
Bana beso! ‘Na ha ke ne ke tlile ho lona, ka tla le tsebisa ‘nete e patehileng ea Molimo, e seng ka lipolelo tse tebileng, leha e le tsa bohlale, hobane ha kea ka ka ikhopolela hore nka tseba ntho e ‘ngoe har’a lona, ha e se Jesu Kriste, ‘me le hona ea thakhisitsoeng.
Ha e le ‘na ke bile har’a lona ke fokotse, ke tšohile, ke thothomela haholo. Polelo ea ka le thuto ea ka ha lia ka tsa e-ba teng ka mantsoe a masene a bohlale ba batho, empa e le ka ho bontša matla a Moea. Ha ho le joalo tumelo ea lona e thehiloe e seng holim’a bohlale ba batho, empa e le holim’a matla a Molimo.
Bana beso! Leha ke bolella batho ba phethehileng tsa bohlale, ha se bohlale ba lefatše lena, kapa ba marena a lefatše lena a timelang. Empa ke bolela tsa bohlale ba Molimo bo sephiring, bo patehileng, boo Molimo a bo reretseng tlotliso ea rona pele ho linako. Bohlale bona ke boo ho seng le ea mong oa marena a lefatše lena ea bo tsebileng: hobane hoja a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakhisa Morena oa letlotlo.
Efela, kamoo ho ngotsoeng kateng, ho thoe: “Leihlo ha lea ka la bona, tsebe ha ea ka ea utloa, ‘me kelello ea motho ha ea ka ea tšoantša seo Molimo a se lokiselitseng ba mo ratang.” Empa rona re se senoletsoe ke Molimo ka Moea oa hae.
PESALEMA 88
MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KA MEHLA.
Morena, ke tla binela mohau oa haU ka mehla,
ke tumise ‘nete ea haU
ho tloha molokong ho isa molokong.
Hobane u itse: Mohau oa ka o etselitsoe
ho ba teng kamehla,
‘nete ea ka e tiile e joaloka maholimo.
Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,
ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,
ka re: Ke tla tiisa lesika la hau kamehla,
le terone ea hau
ho tloha molokong họ isa molokong.
Ke fumane, Davida mohlanka oa ka,
ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka.
Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,
ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.
‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa,
ka lebitso la ka o tla tsoha molota.
O tla re ho ‘na: Ntate,
Molimo oa ka, lefika le mpholosang!
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10,1-9)
“Kotulo e kholo, empa basebetsi ha ba bakae.”
Ka nako eo, Morena a thonya ba bang, ba mashome a supileng a metso e ‘meli, ‘me a ba roma ka bobeli ho mo etella pele metseng le liqalong tsohle moo a neng a tla ea teng ka sebele sa hae, Eaba o re ho bona:
Kotulo e hlile e kholo, empa bakotuli ha ba bakae; ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae. E-eang! Ke hlile ke le roma joaloka likonyana har’a liphiri. Le se ke la nka mokotlana oa chelete, leha e le khetsi kapa meqathatso; ‘me le se ke la lumelisa motho tseleng.
Tlung efe le efe eo le kenang ho eona, qalang ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha eba motho ea ratang khotso a le teng moo, khotso ea lona e tla lula ho eena; ho seng joalo, e tla khutlela ho lona. Le lule tlung eona eo, le e-ja ‘me le e-noa seo ba nang le sona; kaha mosebetsi o lokeloa ke moputso oa hae. Le se ke la ea le matlo.
Motseng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, ha batho ba teng ba le amohela, jang tseo le li phomosetsoang. Folisang bakuli ba ho oona, le be le re ho bona: ‘Muso oa Molimo o haufi le lona.
