Sehopotso sa Martin oa Tours
‘Mantaha
Ho baloa bukeng ea Pele ea Likhosi (19,4-9. 11-15)
“U ee ho ema pel’a Morena holim’a thaba.”
Matsatsing ao, Elia a tsamaea har’a lefeella, leeto la letsatsi. A fihla sefateng sa junipera, a lula tlasa sona. A itakaletsa lefu ka mantsoe ana: Ho sa lekane, Morena; nka bophelo ba ka, hobane ha kea loka ho feta bo-ntat’a rona. A nt’o tjapalla fatše, a khaleha moriting oa sefate.
Ke moo lenyoloi la Morena le ileng la fihla, la mo sisinya, la re ho eena: “Tsoha, u je!” A qamaka ‘me a bona pel’a hloho ea hae bohojoana bo besitsoeng holim’a mashala a hlenneng, le sehoana sa metsi. A ja, a ba noa, a boela a khaleha.
Lenyeloi la Morena la boela la tla, la mo sisinya, la re: “Tsoha, u je, hobane u sa saletsoe ke tsela e telele.” Hoba a tsohe, a ja, a noa, ‘me ka matla a sejo sena a tsamaea matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, ho ea fihla Horebe, thabeng ea Molimo. Elia a kena lehaheng le leng, a qeta bosiu teng. Eaba lentsoe la Morena le mo fihlela, le re:
Tsoa, u ee ho ema pel’a Morena holim’a thaba: Eaba Morena o tlil’o feta. Moea o matla haholo oa tsukutla lithaba, oa patsola mafika ka pele ho Morena empa Morena on’a se moeeng oo. Kamor’a moea, ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše; empa Morena o n’a se tšisinyehong eo.
Kamor’a tšisinyeho ea lefatše, ha e-ba mollo: empa Morena o n’a se mollong oo. Kamor’a mollo, ha e-ba le molumo oa moea o mosesane. Ha Elia a utloa molumo oo, a ikoahela sefahleho ka seaparo sa hae, a tsoela kantle a ema monyako oa lehaha, eaba lentsoe le mo fihlela le re: U moo ka baka la’ng, Elia?
A re: Ke hobane ke cheseheletse Morena, Molimo oa makhotla, haholo. Bana ba Israele bona ba furaletse selekane sa hau, ba helelitse lialetare tsa hau, ba bile ba bolaile baprofeta ba hau ka sabole. Ke se ke setse ke le mong feela, ebile le ‘na ba batla ho nkamoha bophelo
Morena a ba a re ho eena: Khutla ka tsela eo u tlileng ka eona, e haholang lefeella, u lebe Damaseka.
PESALEMA 1
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TšEPO EA HAE HO MORENA
Ho lehiohonolo motho
ea sa lateleng keletso ea ba khopo,
ea sa beheng le leoto tseleng e baetsalibe,
ea sa luleng mokhatlong oa basomi:
empa ea inahanang ka molao oa Morena
O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,
se behang litholoana ka nako ea teng,
seo mahlaku a sona a sa poneng;
mesebetsi eohle ea hae e’a atleha.
Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,
bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea;
hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng
athe tsela ea ba khopo e’a timetsa.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10,17-30)
“U eo rekisa tsohle, u ntan’o tla, u ntatele.”
Ka nako eo, ha Jesu a kena tseleng, motho e mong a tla a matha, a otla ka lengole ka pele ho eena, a ‘motsa, a re: Moruti ea molemo, ke tla etsa joang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng na?
Jesu a re ho eena: U mpitsa ea molemo ka baka la’ng? Ha ho ea molemo, ha e se Molimo a inotši. U tseba melao: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua fana ka bopaki ba bohata, u se ke ua senyetsa ba bang, hlonepha ntat’ao le ‘m’ao.
Eo a mo araba, a re: Moruti, tsena tsohle ke li bolokile ho tloha bocheng ba ka, Jesu a mo talima, a mo rata ‘me a re ho eena: U sa haelloa ke ntho e le ‘ngoe feela: tsamaea, u e’o rekisa tsohle tseo u nang le tsona, u fane ho mafutsana, ‘me u tla ba le leruo leholimong; u ntan’o tla, u ntatele.
Empa eo a khathala matla ke polelo eo, a ba a tsamaea a soabile, hobane o n’a e-na le maruo a mangata. Jesu a ea bohle ka mahlo, eaba o re ho barutuoa ba hae: Barui ba tla kena ‘musong oa Molimo ka thata hakakang! Barutuoa ba ne ba hloletsoe ke lipolelo tsena.
Empa Jesu a boela a ba bolella, a re: Bana ba ka, ho thata hakakang ho kena ‘musong oa Molimo! Ho bile ho bonolo ho kamele ho feta ka lesoba la nale, ho e-na le hore morui a kene ‘musong oa Molimo.
Bona ba makala le ho feta, ba bolellana ba re: Joale ke mang ea ka pholohang? Eaba Jesu oa ba sheba, o re: Ena ke taba e sitang batho, empa e seng Molimo, hobane ha ho letho le sitang Molimo.
[Ke moo Peterosi a ileng a qala ho bua le eena, a re: Bona, rona re tlohetse tsohle, ‘me re u latetse. ‘Me Jesu a araba, a re: Kannete, ke re ho lona, ha ho motho ea tla sia ntlo ea hae, kapa bana babo kapa likhaitseli, kapa ‘m’ae kapa ntat’ae, kapa bana kapa masimo, ka baka la ka le ka baka la Evangeli, a sa tl’o abeloa halekholo nakong ea joale, matlo, le bana babo, le likhaitseli, le bo-‘m’ae, le bana, le masimo hammoho le lihloriso, ‘me nakong e tlang a fuoe bophelo bo sa feleng.]

One Comment
Ho monate ho qala letsatsi Ka molaetsa o LOKELANG letsatsi Ka leng