Vinkmag ad

Ba e loantša ka Senuka

Likhalala tsa mehleng tsa papali ea Senuka tse bileng le lipapali tsa boithapollo, Ha Makhalanyane tikolohong ea Thaba-Bosiu ka la 21 Loetse 2024, li re li tlil’o simolla letšolo la tsona la ho sebelisa papali ea Senuka ho loantša tai le tšebeliso e phahameng ea mefuta e fapakaneng ea lithethefatsi kahare ho bacha ba metse ea Ha Motloheloa, Makhalanyane, Ha Maja le Masianokeng.

Lipapali tsena tsa boithapollo tse neng li bapaloa ke likhahala tsa mehleng, li ne li reretsoe ho bula bacha le batho ba baholo mahlo ka kotsi ea tai lipapaling tse fapakaneng kahare ho naha. Papali e kholo ea letsatsi leo e neng e shebane le ho fana ka thuto mabapi bacheng ke e bileng lipakeng tsa mekaubere ea Ha ‘Nelese le mokhethoa oa Ha Maja moo lihlopha ka bobeli li ileng tsa bapala ka seahlolo sa 20-20.

E mong oa bahlophisi Monghali Tšepang Selebalo o itse o thabetse hore ebe bacha ba tlile ka bongata ho tla tsehetsa letšolo lena la bona. A re hoja e ne e se ka maemo a sa jeseng litheohelang a leholimo mohlomong ba ka be ba fihlile ho 20 ka palo.

A re molaetsa oa tai le lithetefatsi lipapaling tse fapakaneng, o lokela ho lula o phatlalatsoa lipapaling tsohle kahare ho naha, ho fihlela bacha le libapali li elelloa kotsi eo li ntseng li ikenya kahare ho eona. A re ba qalile molaetsa ona ka Loetse ngoahola, moo ba neng ba etela tse ling tsa lihlopha tsa Senuka tsa Liki ea A Division le Second Division, moo ba neng ba bua le libapali pele lipapali li qala, ho nena tai le lithetefatsi molemong oa bokamoso bo chabileng ba bona le ho holisa papali ea Senuka.

A re ba ile ba emisa ha liki e fela kaha ho ne ho se bonolo haholo ho bokeletsa libapali ‘moho hobane boholo ba ne ba sa fumanehe habobebe. A qetella ka hore ba tlilo ntšetsapele letšolo lena ka ho ea Li-ea-le-moeeng ka molaetsa o tšoanang le ho kopa batsamaisi ba lipapali tse ling, ho kena letšolong lena leo bohlokoa ba lona bo tlang ho bonahala melokong ena le e tlang.

Vinkmag ad

Read Previous

Toantšo ea khiro ea bana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular