Vinkmag ad

La 5 Mphalane 2024

Beke ea 26 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Jobo. (42,1-3.5-6.12-16)

“Joale, ke u bone ka mahlo, ka hona kea inyatsa.”

Jobo o araba Morena, o re: “Ke tseba hore u na le matla ‘ohle, le hore ha ho morero ua hau o ka nyopang. Ke buile ka ho hloka kutloisiso ka tse tsotehang tse mphetang, tseo ke se nang tsebo ea tsona. Ke ne ke utloile tsa hau ka bo-ba-re; empa joale, ke u bone ka mahlo. Ka hona kea inyatsa, ke bakile, ke lutse leroleng le moloreng.”

Joale Morena a hlohonolofatsa boemo ba qetello ba Jobo ho feta ba pele. A rua linku tse likete tse leshome le metso e mene, likamele tse likete tse tšeletseng, lipholo tsa lijoko tse sekete, le liesele tse tšehali tse sekete.

A ba le bara ba supileng le barali ba bararo. Morali oa pele a mo reha lebitso la “Leebana,” oa bobeli “Sinnamone,” oa boraro “Naka-la-setlolo.” Naheng eohle ho ne ho se basali ba batle joaloka barali ba Jobo. Ntat’a bona a ba arolela lefa joaloka likhaitseli tsa bona.

Kamor’a tsena Jobo a phela hape lilemo tse lekholo le mashome a mane: a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong oa bone a nt’o shoa a tsofetse, a khotsofetse ke bophelo.

PESALEMA 118 (66.71.75.91.125.130. R. 135)

MORENA TALIMA MOHLANKA UA HAU KA SEFAHLEHO SE ELILENG.

Morena nthute tlhalohanyo le tsebo,

hobane ke tšepile melao ea hau.

Ho molemo ha ke sotlehile,

e le hore ke ithute thato ea hau.

Morena, ke tseba hore likahlolo tsa hau li lokile,

‘me leha u ntšotlile e ne e le ka tšoanelo.

Le kajeno, tsohle li ntse li lutse

ka ho ea ka tlhopho ea hau,

hobane tsohle lia u sebeletsa.

Ke mohlanka ua hau, u mphe bohlale,

ke tle ke tsebe litemoso tsa hau.

Qaqiso ea lentsoe la hau e hlahisa leseli,

e fa ba se nang mano bohlale.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10,17-24)

“Le thabe hobane mabitso a lona a ngotsoe leholimong.”

Ka nako eo, barutuoa ba mashome a supileng a metso e ‘meli ba khutla, ba thabile, ba re: Morena, esita le bademone ba laeloa ke rona ka lebitso la hao.

Jesu a ba araba, a re: Ke bone Satane a e-oa leholimong joaloka lehalima. Ke se ke le file matla a ho hata linoha le liphepheng le ho hatakela matla ‘ohle a sera, ‘me le ke ke la etsoa hampe le ho hatakela matla ‘ohle a sera, ‘me le ke ke la etsoa hampe ke letho. Leha ho le ioalo, le se ke la thaba ka baka la hobane meea e mebe e laeloa ke lona, le mpe le thabe hobane mabitso a löna a ngotsoe leholimong.

Nakong eo, Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang, ‘me a re:4444 Ahe, Ntate, hobane u khahliloe joalo. Ke nehiloe tsohle ke Ntate, ‘me ha ho ea tsebang na Mora ke mang, ha e se Ntate, le hore na Ntate ke mang, ha e se Mora le eo Mora a tla rata ho mo senolela eena.

‘Me Jesu a retehela ho barutuoa ba hae, a re: Ho lehlohonolo mahlo a bonang seo le se bonang! Hobane ke re ho lona, baprofeta le marena a mangata a ratile ho bona tseo le li bonang, ‘me h’a ka a li bona le ho utloa tseo le li utloang, ‘me h’a ka a li utloa.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba keteka lilemo tse 200

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular