Vinkmag ad

LUFA e holisa talenta

Morero oa Sekolo se sa tsoa thehoa sa papapli ea bolo ea maoto ea banana sa Ladybugs United Football Academy (LUFA), ke ho holisa le ho matlafatsa talenta ea bana ba banana ea bolo ea maoto le ho ba thusa ho atleha lithutong tsa bona tsa mahlale. Tsena li boletsoe ke mothehi ebile e le mokoetlisi oa sehlopha sa LUFA, Tankiso Selialia puisanong le motlalehi oa Koranta Ha Ngoatonyane, Mazenod ka la 14 Loetse monongoaha, moo sehlopha se neng se bapala lipapali tsa boitokiso sebakeng sa ho kena lihlopheng tsa liki e kholo isao.

Selialia o hlalositse hore sekolo se tsepamisitse maikutlo haholo ho kopanya talenta ea bona ea bolo le lithuto e le ho ba bulela menyetla e mengata bophelong ba bona. A re ba boetse ba ba thusa haholo litabeng tsa boitšoaro le ho ba qobisa lintho tse ngata tse ka senyang bophelo ba bona. A re ba qala ho amohela bana ba lilemo li 10 ho isa ho tse 25, ‘me lithuto tseo ba fanang ka tsona ke tsa Mahlale, Engineering, Technology le Lipalo. “Joalokaha ke le tichere re thusa bana mahala lithutong tsena. Pele ba ea lebaleng mafelong a beke ba qala ka lihlopheng pele.”  A rialo.

O re ba batla ho bona banana ba hola talenteng ea bona ea bolo, ba be ba qetelle ba se ba bapalla lihlopha tse kholo tsa liki. “Re le sekolo re batla ho hlahisa libapali tse tla rekoa kahare le kantle ho naha. Re ntse re kopantse le thuto e le hore ka talenta le thuto ba tsebe ho iphelisa.” O boletse joalo a bile a phethela ka hore morero o moholo ke ho kena Liking e Kholo ea Basali isao.

Mafelong a beke ka Moqebelo LUFA e ile ea bapala lipapali tsa setsoalle le Masianokeng Sports Academy moo e ileng ea shapuoa ka phafa ea 2-1. LUFA e ile ea qala pele ka ho hlaba ntlha karolong ea pele ea papali ka leoto la ‘Mathae Ramahlele. Kamora nako e seng kae Masianokeng ea hlaba lintlha tse peli ka Tholoana Tšoaeli le Mpho Phomane.  Mafelong ana a beke e tlilo boela e bapala lipapali tsa setsoalle le Peace Makers Academy le Rural Stars Lebaleng la Sekolo se Phahameng sa ‘Matikoe, Ha Mantšebo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Loetse 2024

Read Next

La 18 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular