Vinkmag ad

Sechaba se nolofalloa ke maeto

Tona-Kholo Samuel Matekane o ipilelitse ho mafapha ohle a muso ho fa mekonteraka ea Basotho mosebetsi le ho ba lefa ka nako. “Lona makala a haeso ha le se na chelete se ka fanang ka mosebetsi ho ba sena se tetebetsa mekonteraka, e re ha ba lokela ho lefshoa e be ba ntse ba isoa holimo le tlaase.” O buile tsena nakong ea ho nehelanoa ka marokho a mabeli, ba likoloi bo kopanyang metse ea Ha Jimisi, Au le Mazenod le ba maoto bo kopanyang Ha Tseka le Pena-Pena ka la 23 Phato 2024.
Tona-Kholo o bonts’itse hore mekonteraka le eona e lokela ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. “Ha re na bothata re le puso ba hore re o lefe hobane o re file seo re se lebeletseng.” A rialo, ‘me a khalema ka matla bahlanka ba mafapha ohle ho emisa tjotjo hang-hang kaha sena se nyotobetsa sechaba ka ho se batla lichelete ha se lokela ho sebeletsoa.
Lebitsong la Letona la Mesebetsi e Meholo ea secha ba, Mohlomphehi Nthati Moorosi o lebohile le ho lebohela baahi ba litikoloho tsena ka limpho tsena tsa bohlokoa. A re li tlil’o nolofatsa bophelo ba sechaba.

Mokhethoa oa Qeme Sello Hakane o lebohetse sechaba sa habo a ba a se kopela metsi, motlakase le khaho ea tsela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Phato 2024

Read Next

La 24 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular