![](https://i0.wp.com/moeletsioabasotho.co.ls/wp-content/uploads/2024/02/Moemeli-oa-Econet-Mof.-Puleng-Mabatho-Masoabi.png?resize=225%2C300&ssl=1)
Kampani ea mehala ea thekeng ea Econet-Lesotho, e fana ka tšehetso ea chelete e kaalo ka M170,000.00 ho Mokhatlo oa Lesotho oa Papali ea Rugby(FLR), bakeng sa lipapali tsa Liki e Kholo tse tlil’o thakhoha mabaleng a Sesole sa Lesotho, Makoanyane mafelong ana a beke. Tsena li etsahetse Liofising tsa LSRC, Maseru ka la 22 Hlakola 2024.
Morero o moholo oa Econet-Lesotho ka tšehetso ena ke ho holisa le ho nyolla moea oa lerato la papali ea Rugby kahar’a naha. Ke takatso ea Econet-Lesotho ho bona hore Naha ea Lesotho e hlahisa libapali tsa papali ea Rugby tsa maemo a phahameng le ho qothisana lehlokoa le linaha tse kholo tsa boemo ba machaba. Ka lehlakoreng le leng ke boikarabello ba Mokhatlo oa Rugby ho bona hore ka tšehetso eo ba e fumaneng, ba sebetsa ka thata ho holisa le ho matlafatsa papali ea Rugby kahare ho naha. Ke hona tšebeletsong ena moo ho bileng ha hlahisoa Motsamaisi e mocha oa Liki ea Rugby, Monghali Mahlomola Letsie.
![Vinkmag ad](https://i0.wp.com/moeletsioabasotho.co.ls/wp-content/uploads/2023/06/horizontal-banner.jpg?w=800&ssl=1)