Lipolaeano li bonahala li ntse li e-ja setsi letsatsi le letsatsi kahare ho naha ea Lesotho, ‘me sena se netefatsoa ke palo e phahameng haholo ea batšoaruoa ba amoheloang Litsing tsa Tlhabollo ea Batšoaruoa, matsatsing ana, ba qosoang ka tlolo ena ea molao.
Litlaleho li bontša hore har’a batšoaruoa ba 40 ba amohetsoeng ke litsi, palo e kaholimo ke ea batšoaruoa ba qosoang ka lipolaeano, ho boetse ho na le batšoaruoa ba bang ba qosoang ka teko ea polao.
Litlaleho li supa hore kahar’a batšoaruoa ba 36, ho na le mosali a le mong le banna ba 35, ‘me liqoso tsa bona ke tsena tse latelang: lipolao ke banna ba 10, ho apola likobo ka sheshe ke banna ba bahlano, ho khakhatha ke banna ba bahlano, teko ea polao banna ba bane, bosholu bo atileng ke banna ba bane. Haele ho fumanoa ka sethunya ka thoko ho molao ke banna ba bararo.
Ho sa le joalo, litsi li boetse tsa lokolla banna ba 27, tlasa mekhahlelo e fapakaneng naha ka bophara. Mokhahlelong oa pele ke batšoaruoa ba itefelletseng beile e leng banna ba 15, ba lokolotsoeng hobane ho thoe ba il’o ikalosa ke banna ba bane, batšoaruoa ba qetileng likahlolo tsa bona ke banna ba bararo, banna ba lokolotsoeng hobane linyeoe tsa bona li e-s’o ka li bua ba bararo le motšoaruoa a le mong ea lokolotsoeng ka taelo ea Lekhotla. Haele monna a le mong eena o lokolotsoe ka ho tlola molao oa ‘mileng.
