Letona la Lichelete, Mohlomphehi Thabo Sofonia, o tekile tlaleho ea likoloto tsa ‘muso oa Lesotho tsa selemo sa 2021/2022, kapel’a Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba, ‘me o re sekoloto sa naha ka kakaretso ha selemo sa lichelete sa 2021/22 se feela, e leng se entsoeng kahar’a naha le kantle ho naha ke M18.9Billione, eo eona e leng sekoloto sa machabeng sa M15.2Billione le sekoloto se entsoeng kahar’a naha sa M3.7Billione. Tlaleho ena letona la Lichelete, Thabo Sophonea o o e tekile kapele ho ntlo ea sechaba tulong ea la 8 Phupu monongoaha.
Sofonea o bontšitse hore tlaleho eo e ipapisa le boitlamo ba Lekala la Lichelete ho phethisa boikarabello ba lona ho netefatsa hore sechaba sa Basotho se fuoa tsebo ka ponaletso hore na naha e ntse e sebetsa joang litabeng tsa mekoloto ea ‘muso. O re likoloto tseo ‘muso o li entseng kahare ho naha li ke ke tsa feta ‘ngoe borarong (1/3) ea pokello ea lichelete ea lilemo tse tharo tse fetileng, ‘me li bile li hlahlobiloe ke Mohlahlobi oa Lichelete oa ‘Muso, ka hona o re o motlotlo ho tlalehela ntlo hore naha e tlaase haholo ho lipehelo tsa molao.
A re naha e ntse e ipapisa le molao oa 1967, e boetse e ikamahanya le mekhoa le lipehelo tse sebelisoangke lefaatše ho netefatsa hore likoloto tsa naha ena li maemong a amohelehang, a bileng a leng taolong, ho netefatsa hore naha e ke ke ea ba le mathata a likoloto le bohle ba thusang ka lichelete le eona. H’a tsoelapele o hlalositse hore likoloto tsa ‘muso oa Lesotho li laoloa ke Molao oa Likoloto oa 1967, moo a bonts’itseng hore ha joale lekala le ntse le sebetsana le molao o mocha oa likoloto, ‘me a supa hore ho latela molao ona oa 1967, likoloto tse hlahang machabeng li ke ke tsa feta pokello ea lichelete tsa ‘muso tsa lilemo tse tharo tse fetileng, tse hlahlobiloeng ke Mohlahlobi oa Libuka tsa ‘Muso.
A bontša hore mekolotong e tsoang kantle ho naha, Lesotho le lefa lilemo tse 40 ho tloha ka selemo sa 1966 ho fihlella ka 2015, moo a reng ka selemo seo (2015), Banka ea Lefaats’e le ea Ntšetso-pele ea Afrika, li ile tsa tlosa naha ena boemong bo ka tlase-tlase ba moruo, hoea ho boemo bo mahareng ba moruo, ‘me maemo ao a fetola lipehelo tsa Lesotho tsa ho alima machabeng ho tloha ho lilemo tse 40 ho theohela ho tse 25. A re sena se bolela hore moruo oa naha o ile oa matlafala le libanka tse ngata tsa lefaatše tsa matlafala, ka hona naha e khona ho alima haholo ho phethahatsa merero ea ntlafatso ea eona.
Leha ho le joalo, o re ba netefatsa ka linako tsohle hore naha e nka mekoloto e lekanang bokhoni ba eona, ‘me a re Lesotho le ntse le lefa mekoloto ea lona hantle, hape naha ena e nakong ka mehla. A bontša hore Lekala le Lichelete ‘moho le Letlole la Machaba la Lichelete (IMF) ‘moho le “Macroeconomic and Financial Management Institute of Eastern and Southern Africa” (MEFMI), ba ile ba hlahloba hore na boemo ba likoloto ba ‘muso bo eme joang, ho latela maemo a machaba mafelong a selemo se tsoa feta, ka hoo a re o tlaleha hore naha e boemong bo amohelehang, empa e tlameha ho sebetsa ka matla le ka thata ho matlafatsa tlhahiso ea eona (GDP) ho kenyelletsa le lihlahisoa tseo e li romellang machabeng.
A re matlafatso ea tlhahiso ea thepa eo naha e e romellang kantle ho naha, li bohlokoa haholo ho netefatsa hore naha ena e tla khona ho fumana mekitlane ho ntšetsa naha pele. Ho sa le joalo ea tšoereng molepo e le Mohlahlobi e Moholo oa Libuka tsa ‘Muso, Mofumahali Monica Besetsa o hlalositse hore ho bonahala ho na le bohlasoa bo bongata makaleng a ‘muso moo ho bolokoang litlaleho tsa lichelete. A re makala a kopa chelete ho paramente ‘me ona a e fuoa ka tebello ea hore e tle e sebeletse se tekiloeng kapele ho Paramente.
O itse tlaleho e bontša hore qetellong ea selemo sa lichelete sa 2020/2021 khoeling ea Tlhakubele, ‘muso o ne o e-na le chelete e kaholimo ho M11.6 Billione, ‘me litlhahlobo li boetse tsa utulla ‘me tsa bontša hore tlaleho ea libanka e bontša hore ‘muso o na le chelete e kaalo ka M5.4Billione fela. A re phapang ena ea M6.1Billione bohlahlobi bo sitiloe ho fumana moo e teng ‘me eona e nyolohile ho tloha ho M3.4Billione e neng e sa fumanehe selemong sa lichelete sa 2019/2020. A boela a hlalosa hore selemong seo sa lichelete se fetileng(2020/2021) mafelong a Tlhakubele, ‘muso oa Lesotho o atlehile ho bokeletsa chelete e kaholimo ho M20Billione ‘me eona e kenyeletsa lekhetho.
O itse seo bohlahlobi bo se hlokometseng ke hore likhoebong tseo ‘muso o li tsamaisang o le mong ha ho be le litlaleho tse hlakileng tsa lichelete, empa moo li bang teng ke moo ‘muso o kopanetseng ‘me o sebetsa le bafani. Besetsa o hlalositse hore ha bohlahlobi bo phethetse mosebetsi bo lokela ho fana ka maikutlo holima tlaleho, ‘me hajoale bohlahlobi ha bo bone hantle moo boemo ba naha bo leng hona teng. A re sena ke ka lebaka la eona chelete eo e sieo. O boetse a ipiletsa ho ‘muso ho sheba litlaleho tsa makala a ‘muso ka boqhetseke bo tla tsoela naha molemo esere naha ea iphumana e le boemong moo lilemo li fetang ho sena litlaleho tsa lichelete.
Ho sa le joalo, Mokhatlo oa Baithuti oa ALESA o ntšitse polelo o bontša ho tšoenyeha ka chelete ena e nyametseng, ‘me ba bontšitse hore ho na ho entsoeng ke ‘muso ke bokhonatha, kaha bokholokhotho bona ba lichelete bo oele lipokothong tsa ona, ‘me o ithuisa le metsoalle. Ba re litšebeletso ka ho fapakana li putlame kahare ho naha, ka lebaka la hore lichelete tse lokelang ho sebeletsa sechaba li jooa ka sehloho.
Mokhatlo ona o boetse oa ipiletsa ho Lefapha la Toantšo ea Bobolu(DCEO) ho nyakurela taba ena ‘me bohle ba tlang ho fumanoa ba le molato ba nkeloe likhato. O tsoelapele ho hooa ho ‘muso o litulong hammoho le o tlang ho kena khoeling ea 10 ho bona hore chelete ena e tle e sebelisoe ho ntlafatsa har’a tse ling thuto ka ho rekela likolo lithusa-thuto esitana le ho nyollela baithuti ba likolong tse kholo chelete ho tloha ho M1, 100.00 ho isa ho M1, 500.00 ka khoeli.