Beke ea 28 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (5:18-25)
“Bao e leng ba Kriste ba thakhisitse nama, hammoho le litšekamelo le litakatso tsa eona.”
Bana beso! Ha le tsamaisoa ke Moea, ha le sa le pusong ea Molao. Joale mesebetsi ea nama ea tsejoa: ke bohlola, litšila, manyala, botsoa, tšebeletso ea melimo ea litšoantšo, boloi, lihloeano, litsekisano, mõna, khalefo, likhang, liphapang, likhaohano, mehono, lipolao, botahoa,bonyollo, le tse ling tse joalo.
Ke le bolella e sa le pele, joaloka ha ke se ke le boleletse, hore ba etsang tse joalo, ‘Muso oa Molimo ba ke ke ba o rua.
Empa litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mohau, molemo, boiphapanyo, mosa, botšepehi, bonolo, boitšoaro le bohloeki.
Tse joalo, ha ho molao o ka li hanyetsang. Joale bao e leng ba Kriste ba thakhisitse nama, hammoho le litšekamelo le litakatso tsa eona. Ha eba re phela ka Moea, le teng re ke re tsamaee ka Moea.
PESALEMA 1
EA U LATELANG, MORENA, 0 TLA BA LE LESELI LA BOPHELO
Ho lehlohonolo motho
ea sa lateleng keletso ea bakhopo,
ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,
ea sa luleng mokhatlong oa basomi;
empa e le ea khahloang ke molao oa morena,
ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.
EA U LATELANG, MORENA, 0 TLA BA LE LESELI LA BOPHELO
O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,
se behang litholoana ka nako ea teng,
seo mahlaku a sona a sa poneng;
mesebetsi eohle ea hae e’a atleha.
EA U LATELANG, MORENA, 0 TLA BA LE LESELI LA BOPHELO
Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,
bona ba kang ‘moko o fefoalong ke moea;
hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,
athe tsela ea ba khopo e’a timetsa.
EA U LATELANG, MORENA, 0 TLA BA LE LESELI LA BOPHELO
Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Luka.(11:42-46)
“Ho malimabe löna Bafarisi; ho malimabe le löna baruti ba Molao”.
Ka nako eo, Jesu a re: Ho malimabe lona Bafarisi hobane le ntša karolo ea leshome ea koena le ea serue le ea meroho eohle, empa ha le tsotelle toka le lerato la Molimo. Le ne le tšoanela ho etsa tsena, le sa tlohele tseno.
Ho malimabe lona Bafarisi, hobane le habile litulo tse kapele matlung a thapelo le litumeliso mapatlelong! Ho malimabe lõna Bafarisi, hobane le joaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamaeang holim’a ‘ona, ba sa tsebe.
Eaba e mong oa baruti ba Molao oa mo fetola, a re: Moruti, ka ho bua joalo u nyefola le rõna. Jesu a re: Ho malimabe le lõna baruti ba Molao, hobane le jarisa batho meroalo eo ba sitoang ho e jara; athe lona ha le e ame le ka monoana oa lona!
