Vinkmag ad

Mokete oa Tlotliso ea Sefapano se Halalelang

La 14 Loetse 2026

Beke ea 24 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (21:4-9)

“Mang kapa mang ea lonngoeng, ea tla e talima, o tla phela.”

Matsatsing ao, Ba-Heberu ba tloha thabeng ea Hore ka tsela ea Leoatle le Lefubelu, hore ba tle ba pote naha ea Edomo ka thoko. Tseleng, sechaba sa fela pelo, ‘me sa bua hampe ka Molimo le ka Moshe, sa re: Le re

ntselitse’ng Egepeta hore re tl’o shoella moo felleng, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, ebile re tennoe ke sejo se sa tsebisahaleng.

Eaba Morena o romela sechabeng linoha tse mahloko a chesang; tsa loma batho, ‘me ha e-shoa ba bangata sechabeng sa Israele. Ke ha sechaba se e-tla ho Moshe, se re: Re entse sebe ka ho bua hampe ka Molimo le ka

uena. Rapela Morena hore a tlose linoha tsena ho rona. Moshe a rapella sechaba.

Eaba Morena o re ho Moshe: Etsa noha e mahloko a chesang, u e fanyehe palong. Mang kapa mang ea lonngoeng, ea tla e talima, o tla phela. Moshe a etsa noha ka koporo, a e fanyeha palong. E ne e ee e re ha motho a lonngoe ke noha, ‘me a talima noha ea koporo, o n’a ee a phele.

Pesalema 77

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

Lona sechaba sa ka, sekehelang thuto ea ka tsebe,

hloaelang lipolelo tsa molomo oa ka tsebe.

Molomong oa ka ho tla betseha maele,

ke tla qaqisa lilotho tsa mehla e fetileng.

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

E n’e e’e-re ha a ha bolaea, ba ‘matle,

ba khutle, ba be le thahasello ea Molimo,

ba boele ha hopole hore Molimo ke lefika la bona,

le hore Molimo Ea holimo-limo ke molopolli oa bona.

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

Ba mo qekise ka molomo oa bona,

ba mo thetse ka leleme la bona,

pelo tsa bona li ne Ii sa tsepame ho eena,

ba ne ba sa tšepahale selekaneng sa hae.

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

 Athe eena, ka kutloelo-bohloko, a ba tšoarela molato,

a se ke a ba timetsa.

A tšoara khalefo ea hae hangata.

a se ke a ha bontša bohale bohle ba hae.

LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (2:6-11)

“O ile a ikokobetsa, ka baka leo Molimo o mo phahamisitse.”

Leha Kriste Jesu a ne a e-na le boleng ba Molimo, ha a ka a ikhopola boholo ba hae ba ho lekana le Molimo; empa o ile a inyenyefatsa, ka ho inkela boleng ba lekhoba, le ka ho iketsa ea tšoanang le batho. A inkela sebopeho sa batho bohle, o bile a ikokobetsa, a ba ea mamelang

ho isa lefung le hona Iefu Ia sefapano.

Ka baka leo, Molimo o mo phahamisitse, ‘me o mo file Iebitso le hlomphehang ho feta a mang kaofela, hore, ha ho boleloa lebitso la Jesu, mangole ‘ohle a khumame maholimong, lefatšeng le botebong ba Qalo-ea-bafu, le maleme ‘ohle a bolele hore Jesu Kriste ke Morena, ‘me ka hona Molimo Ntate a tlotlisoe.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (3:13-17)

“E ne e ka khona Mor’a motho a phahamisoe joalo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho Nikodema: Ha ho ea nyolohetseng leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e Ieng Mor’-a motho. Joaloka ha Moshe a n’a phahamisetse noha holimo feelleng, e ka khona Mor’a motho a phahamisoe joalo, e le hore mang le mang ea lumelang ho eena a tle a be le bophelo bo sa feleng.

Efela Molimo o ratile lefatše haholo, hoo a bileng a fana ka Mora a inotsi oa hae, e le hore bohle ba lumelang ho eena ba se ke ha timela ba mpe ba be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo ha a ka a romela Mora oa hae ho ahlola lefatše, empa o mo rometse hore lefatše le pholosoe ka eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Loetse 2026

Most Popular