Beke ea 23 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (10:14-22)
“Re ‘mele o le mong, leha re le bangata, rona ba ngoathelanang bohobe bo le bong.”
Baratuoa ba ka, phemang tšebeletso ea melimo ea bohata. Ke bua le Iona joaloka batho ba nang le kelello: Le ke le ahlole e le Iona seo ke se bolelang. Na senoelo sa tlhohonolofatso seo re se hlohonolofatsang hase kabelo maling a Kriste na? Le bohobe boo re bo ngoathang hase kabelo ‘meleng oa Kriste na? Hobane bohobe bona bo bong, re ‘mele o le mong, leha re le bangata, rona ba ngoathelanang bohobe bo le bong.
Bonang bao e Ieng Ba-Israele ka nama : Ana ba jang nama ea mahlabelo ha ba nkopao le a letare na? Joale ke’ng? Ana ke re tse hlabetsoeng melimo ea bohata ke letho kapa melimo ea bohata ke letho? Che! Empa tse hlajoang ke bahedene Ii hlabeloa bademone e seng Molimo; ‘me ha ke rate hore le fetohe ba nang le kopano le bademone. Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademone. Le ke ke Ia jela tafoleng ea Morena le tafoleng ea bademone. Kapa na re rata ho phephetsa poulelo ea Morena?
PESALEMA 115
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELOSA TEBOHO.
Ke tla buseletsa Morena joang
bakeng Ia tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?
Ke tla nyehela, senoelo sa pholoho,
ke rapele lebitso la Morena.
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELOSA TEBOHO.
Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,
ke rapele lebitso Ia Morena.
Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,
pel’a sechaba sohle sa hae.
MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELOSA TEBOHO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:43-49)
“Le mpitsetsang: Morena, Morena, empa le sa etse seo
ke le laelang sona ?”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: ha ho sefate se setle se ka behang litholoana tse mpe; le teng ha ho sefate se sebe se ka behang Iitholoana tse monate. Hobane sefate ka seng se tsejoa ka litholoana tsa sona. Efela batho ha ba khole lifeiga meutloeng, leha e le morara lihlahleng.
Motho ea molemo o ntša tse molemo mononong o molemo oa pelo ea hae; athe motho e mobe o ntša tse mpe mononong o mobe oa hae: hobane seo pelo e tletseng sona, molomo o’a se bua.
Le mpitsetsa’ng: Morena, Morena, empa le sa etse seo ke le laelang sona? Mang le mang ea tlang ho ‘na, a utloa lipolelo tsa ka ‘me a Ii phetha, ke tla le bontša eo a tšoanang le eena. 0 tšoana le motho ea ileng a aha ntlo, a cheka moralo o tebileng, a aha holim’a letlapa.
Eare ha sekhohola se fihla, phororo ea khahlela ntlo eo, empa ea sitoa ho e sisinya, hobane e ahiloe hantle.
Athe ea utloang lipolelo tsa ka, a sa Ii phethe, o tšoana le motho ea ahileng ntlo ea hae holim’a mobu, ho se motheho. Eare ha phororo e e khahlela, ea oa hang-hang, ‘me tšenyeho ea ntlo eo ea tšabeha.
