La 8 Phato 2026
Beke ea 18 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (4:32-40)
“Ka ha a ratile bo-ntat’ao, o ile a ikhethela litloholo tsa bona tse tlang ka mora’ bona.”
Moshe a bua le sechaba a re: Hlahloba mehla e fetileng, e bileng teng pele ho uena, ho qala ka letsatsi leo ka lona Molimo a neng a bope motho lefatšeng. Ho tloha pheletsong e ‘ngoe ea maholimo ho isa ho e ‘ngoe, na taba e kaalo e se e ile ea hlaha, na ntho e joalo e se e ile ea utloahala?
Na se teng sechaba se seng se kileng sa utloa lentsoe la Molimo ea buang a le har’a mollo, joaloka ha uena u le utloile, sa ba ‘na sa phela na? Kapa na o teng molimo e mong ea kileng a inkela sechaba har’a lichaba tse ling ka ho se nonya, ka liponahatso le ka limakatso, ka lintoa, ka letsoho le matio le ka sephaka se otlolohileng, ka litšoso tse tšabehang joaloka tseo lona le ileng la li bona ka mahlo, ha Morena Molimo oa lona a le etsetsa tsona Egepeta?
Tsena tsohle, ke uena ea ileng a li bontšoa e le hore u tle u tsebe hore Morena ke Molimo, ‘me ha ho e mong ka ntle ho eena. A le leholimong, o entse hore u utloe lentsoe la hae họ u ruta; le lefatšeng o u bontšitse mollo oa hae o moholo, ‘me u utloile mantsoe a hae a e-tsoa har’a mollo.
Ka ha a ratile bo-ntat’ao, o ile a ikhethela litloholo tsa bona tse tlang ka mora’ bona, a u ntša Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a maholo a hae, a ba a suthisa ka pel’a hao lichaba tse u fetang ka boholo le ka matla, e le hore a u tlise naheng ea tsona, a u nehe eona e be lefa la hao, joaloka ha ho nts’o le joalo le kajeno.
Kajeno u tsebe ‘me u nahane pelong ea hao hore Morena ke Molimo, holimo maholimong, le tlaase lefatšeng: ha ho e mong ka ntle ho eena. Boloka melao ea hae le litaelo tsa hae, tseo ke u laelang tsona kajeno, tseo ka baka la tsona u tla ba le lehlohonolo, uena le bana ba hao, ‘me u phele halelele lefatšeng leo Morena Molimo oa hao a u nehang lona ho isa khale.
PESALEMA 76
KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.
Ke tla hopola liketso tsa Morena,
ke ikhopotse tse tsotehang tsa hao
tsa mehla e fetileng.
Ke nahane mesebetsi eohle ea hao,
ke inahane ka liketso tsa hao.
KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.
Molimo, tsela ea hao ea halalela;
ke molimo ofe o ka lekanang le Molimo oa rona?
Ke uena Molimo ea etsang tse tsotehang,
u bonahalitse matla a hao har’a lichaba.
KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.
Letsoho la hao le lopolotse sechaba sa hao,
bana ba Jakobo le ba Josefa.
Ua tsamaisa sechaba sa hao joaloka mohlape
ka letsoho la Moshe le la Aarone.
KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:32-34)
“Ntat’a lona o khahliloe ke ho le neha ‘muso.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Se tšabeng, Iona mohlatsoana, hobane Ntat’a Iona o khahliloe ke ho le neha ‘muso. Rekisang tseo le Ii ruileng ‘me le fane. Iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng ea chelete, le monono o se nang ho qepha maholimong, moo lesholu le sa atameleng le moo tsoele e sa jeng. Hobane moo monono oa Iona o Ieng teng, ke hona moo le eona pelo ea lona e tlang ho ba teng.
