Beke ea 18 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Nahume. (1:15;2,2;3:1-3.6-7)
“Ho malimabe motse o silafalitso eng ka mali.”
Bonang ea tlisang litaba tse monate ke eo, a matha lithabeng, o tlisa tsa khotso. Etsa mekete ea hao, uena Juda, u phethe likano tsa hao, hobane ea bosaoana ha a sa tla feta ha hao, o felisitsoe tu!
Efela Morena o tsosa morara oa Jakobo hape, boithoriso ba Israele, hobane basenyi ba ne ba o sentse, ba ne ba bolaile makala a oona.
Ho malimabe motse o silafalitsoeng ka mali, o tletseng bolotsana le bosholu, o khapo e sa khaotseng!
Mamelang, sephali se’a lla! Utloang lerata la mabili, la pere tse khemang, la likariki tse qhomelang holimo! Lipalami lia futuha, ho benya sabole, lerumo lea phatsima! Ba hlabiloeng ba bangata, ke liqubu-qubu tsa ba bolailoeng, litopo ha li na palo, batho ba tsamaea holim’a tsona!
Ke tla qhalla lithole holim’a hao, ke tla u hlompholla, ke u etse sebonoang. Bohle ba u bonang ba tla u baleha, ba re: “Ninive o ripitliloe, ke mang ea ka mo utloelang bohloko? Nka mo fumanela motšelisi kae?”
PESALEMA (Deut 32:35-36.39.41.)
KE LAOLA LEFU LE BOPHELO
Letsatsi la timelo ea bona le haufi,
‘me tse lokelang ho ba hlahela li tla ka potlako.
Mohla Morena a ahlolelang sechaba sa hae,
O tla qenehela bahlanka ba hae.
KE LAOLA LEFU LE BOPHELO
Le elelloe joale hore ‘na ke ‘na,
Ha ho Molimo e mong ntle le ‘na.
Ke laola lefu le bophelo,
Ke ntša leqeba ke be ke le folise,
Ha ho na ea ka ntšang e mong seatleng sa ka.
KE LAOLA LEFU LE BOPHELO
Ha nka leotsa sabole ea ka e benyang
‘me letsoho la ka la sebetsa toka,
Ke tla iphetetsa lireng tsa ka,
Ho ba ntlhoileng ke busetse molamu sefateng.
KE LAOLA LEFU LE BOPHELO
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16:24-28)
“Motho a ka fana ka’ng hore a boelloe ke bophelo ba hae?”
Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha motho a rata ho ntšala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ‘me a ntatele. Hobane ea ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; athe ea lahleheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana.
Motho o tla boelloa ke’ng ka ho rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka fana ka’ng hore a boelloe ke bophelo ba hae? Efela Mor’a motho o tla tla ka letlotlo la Ntat’ae, a e-na le mangeloi a hae, ‘me mohlang oo o tla buseletsa e mong le e mong ka ho ea ka mesebetsi ea hae.
Ruri kea le bolella, har’a ba emeng mona ho na le ba bang ba ke keng ba e-shoa ba e-s’o bone Mor’a motho a e-tla ka borena ba hae.
