Beke ea 17 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa bukeng ea Moprofeta Jeremia (14:17-22)
“Se lebale selakane sa hau le rona.”
Likhapha li ke li keleketle mahlong a ka, nyene le bosiu, ho se khaotso, hobane morali oa ka, e leng sechaba sa ka, o oetsoe ke kotlo e tšabehang, leqeba la hae le opa habohloko. Ha ke tsoela ka ntle ho motse, ke bona ba rapalalitsoeng ka sabole; leha ke kena motseng, ke bona ba bolaoang ke tlala. Moprofeta le moprista ka ho tšoana lahlehetse naheng eo ba sa e tsebeng.
Morena, na u s’u lahlile Juda e le ka ‘nete? Na pelo ea hao e s’e tennoe ke Sione? Ke’ng ha u re otlile hoo e kang re ke ke ra fola? Re e re lebeletse khotso, empa ha re bone molemo oa letho; re lebeletse nako ea ho fola ha rona, empa re bona tse nyarosang. Re lumela bokhopo ba rona le molato oa bo-ntat’a rona, ka libe tsa rona re u sitetsoe, Morena.
Ka baka la lebitso la hao, u se ke ua re khesa, ‘me u se ke ua tlontlolla terone ea letlotlo la hao. Se lebale selekane sa hao le rona, ‘me u se se robe. Ebe har’a melimo ea bohata ea lichaba ho na le e ka nesang pula? Kapa maholimo ka bo-‘ona a ka re tlisetsa mafafatsane? Ana hase uena feela, Morena? Ke uena, Molimo rona, eo re mo tšepang: ke uena feela ea etsang tsena kaofela.
PESALEMA 78
U RE LOPOLLE MORENA ‘ME U RE TS’OARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAO.
Se re balle melato ea bo-ntat’a rona,
u mp’u potlakele
ho re khahlametsa ka mehauhelo ea hao,
hobane re kokobelitsoe hamper
U RE LOPOLLE MORENA ‘ME U RE TS’OARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAO.
Ak’u re thuse, Molimo, mopholosi oa rona,
ho tlotlisa lebitso la hao;
u re lopolle ‘me u re tšoarele libe tsa rona
ka baka la lebitso hao.
U RE LOPOLLE MORENA ‘ME U RE TS’OARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAO.
Poboli ea batlamuoa e ke e fihle ho uena,
ka letsoho le matla la hao
pholosa ba ahloletsoeng lefu,
Rona sechaba sa hao, mohlape oa makhulo a hao,
re tla u boka ka mehla.
U RE LOPOLLE MORENA ‘ME U RE TS’OARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:36-43)
“Joaloka ha mofoka o ee o fotholoe, ho chesoe mollong, ho tla ba joalo bofelong ba lefatše.”
Ka nako eo, hoba Jesu a qhale matšoele, a khutlela ka tlung. Barutuoa ba hae ba tla ho eena, ba re: Re hlalosetse papiso ea mofoka oa tšimo. A araba, a re ho bona: Ea jalang peo e ntle ke Mor’a motho; tšimo ke lefatše; peo e ntle ke bana ba ‘Muso; mofoka ke bana ba e Mobe; sera se o jetseng ke diabolosi; kotulo ke bofelo ba lefatše; bakotuli ke mangeloi.
Ka tsela ena, joaloka ha mofoka o ee o fotholoe, o chesoe mollong, ho tla ba joalo bofelong ba lefatše. Mor’a motho o tla romela mangeloi a hae, ‘me a tla fothola ‘Musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang tse khopo, a ba lahlele seboping sa mollo; moo ho tla ba le seboko le litsikitlano tsa meno. Mohlang oo ba lokileng ba tla khanya joaloka letsatsi ‘Musong oa Ntat’a bona. Ea nang le litsebe a ke a utloe!
