Litho tsa Mokhatlo oa Sepolesa a Lesotho (LEPOSA), li tlil’o kena mokolokong oa khotso ka la 16 ‘Mesa monongoaha, moo li kopang hore Tona-Kholo Samuel Matekane a bule mamati a lipuisano, e le hore li mo tekele maemo a boima ao mapolesa a tobaneng le ona. Mokoloko ona o tla kamor’a hore boetapele ba LEPOSA bo ngolle Tona-Kholo lengolo ka la 24 Tlhakubele monongoaha, mabapi le ho ntlafaletsoa chelete e fuoang bahlanka ba sebetsang ka maluting le nyollo ea meputso ea mapolesa.
Mongoli-Kakaretso oa LEPOSA, Mofumahali ‘Makatleho Mphetho, o netefalitse hore polelo e hlahileng marang-rang e buang ka litaba tsa mokoloko oa khotso o tlang ho tšoaroa ke sepolesa o lebang ho Tona-Kholo e ngotsoe ke bona, o hlaloselitseng Koranta hore ba qetella ba kena mokolokong kamor’a ho hlokomela hore litaba li ntse li mpefala, kaha likhakanyong tsa lichelete tse sa tsoa feta, mekoloto eo ‘muso o e kolotang mapolesa ha e’a kenyeletsoa, ‘me nyollo ena ea 2% eo esaleng e ntse e etsoa ho tloha ha ‘muso o ne o qala ho lula litulong e fokotsa meputso ea bona.
Mphetho o bontšitse hore ba kopile ho kopana le Tona-Kholo ka seqo, ho ea fumana likarabo tsa lengolo la bona, leo har’a tse ling ba kopileng hore ba ntlafaletsoe meputso ka 25%, ho hlahlojoe bocha chelete e fuoang bahlanka ba sebetsang ka maluting, ebe lichelete tsohle tse fuoang bahlanka maemong a ikhetha li kopanngoa ‘moho tlas’a sekhele se bitsoang Police Allowence, ebe ba fuoa M1,500.00 motho ka mong.
“E re kaha rea tseba ‘muso o ka ‘na oa re ha ona chelete, o ka re fa M500.00 ka lilemo tse tharo ho etsa chelete e M1,500.00. Ha rena bothata ba letho.” O boletse joalo a bile a eketsa ka ho etsa thapeli ho ‘muso hore o be pelo-nolo ka ho fokotsa mekoloto ea bona ea ho tloha ka 2012 ka 20%, eo o ipaketseng eona ka hore ha mebuso e ntse e feto-fetoha ba ntse ba nyolla meputso ka ntho e ka tlaase ho sekhahla sa theko.
Potsong ea hore ebe taba ena ea ho ea mokolokong na ha ena ho ama litšebeletso tsa sechaba? O itse mokolokong ho ea feela mapolesa ao e leng litho tsa LEPOSA. Ka hona ha ho na ho ba le tšitiso ea letho bakeng sa litšebeletso tsa letsatsi leo. A tiisa hore morero oa letsatsi leno ha se ho utloisa sechaba bohloko, empa ke ho kopa ofisi ea Tona-Kholo ho bula sethala sa lipuisano molemong oa ho matlafatsa bophelo ba sepolesa le bosebetsi ba sechaba.
