Vinkmag ad

La 3 Hlakola 2026

Beke ea 4 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele (18:9-10.14.24-25.30-19:3)

Mor’a ka, Absalome, hoja e be ho shoele ‘na, e seng uena!

Matsatsing ao, Absalome a tsoha a se a   khahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o n’a palame ‘moulo. Ha ‘moulo o fihla tlas’a makala a sefate se  seholo sa eike, hloho ea Absalome ea tsoasoa  eikeng, ‘me  a sala a leketlile pakeng tsa leholimo le lefatse;  ‘moulo  oona oa monyoha tlas’a hae, oa ikela. Monna e mong a ‘mona, a ba a tsebisa Joabe, a re: Hela, ke bone Absalome a leketlile eikeng.

Eaba Joabe o nka marumo a mararo ka letsohong, a ea hlaba Absalome pelong ka ‘ona. Absalome o n’a nts’a tsoasitsoe eikeng a nts’a phela.

  • Davida o n’a lutse pakeng tsa menyako e ‘meli ea khoro ea motse, molebeli a ntse a tsamaea holim’a lerako la Eitse h’a phahamisa mahlo, a bona ho hlaha monna a le mong a matha.

Molebeli a hoeletsa, a tsebisa khosi.  Khosi  ea  re: Ha  eba  a le  mong,  o  re  tlela  le  litaba  tse  monate.  Khosi ea re: Sutha, u eme mane.  A sutha, a emella thoko.  Ha fihla mo-Kushe ‘me a re: Khosi moren’a ka a ke a utloe taba tse monate tseo ke tlang ka tsona. Kajeno lena Morena o u ahloletse ‘me o u ntsitse liatleng tsa bohle ba u fetohetseng.

Khosi ea re ho mo-Kushe: Na mohlankana Absalome o sa iphelela hantle? Mo-Kushe a re: Lira tsa khosi moren’a ka, le bohle ba u fetohelang, ba batlang ho u lihella koluoa, ba ke ba be joaloka mohlankana eo!

Khosi ea nyaroha, ea hloella phaposing e ka holim’a khoro, ea qala ho Ila.  Eaba e ntse e tsamaea ka teng, e ntse e re: Mor’a ka Absalome, mor’a ka! Mor’a ka Absalome, hoja e be ho shoele ‘na, e seng uena, Absalome, mor’a ka, mor’a ka!

Eaba Joabe oa tsebisoa, ho thoe: Khosi e’a Ila, e llela   Absalome.   Tsatsing   leo,   tlholo   ea fetoha   bofifi bakeng la mabotho ‘ohle hobane tsatsing leo mabotho a ile a utloa hore khosi e mahlomoleng ka baka la mor’a eona.

 

PESALEMA 85                             

SEKEHA TSEBE,   MORENA,   ‘ME U NKARABE.

Sekeha tsebe, Morena, ‘me u nkarabe.

Hobane ke mofutsana le mohloki.

U mpaballe hobane ke motsoalle oa hao,

pholosa mohlanka oa hao ea u tšepang.

SEKEHA TSEBE,   MORENA,   ‘ME U NKARABE.

U nkhauhele, Morena, Molimo oa ka, hobane ke hoeletsa ho uena tsatsi lohle.

Thabisa pelo ea mohlanka oa hao,

hobane ke nyollela pelo ea ka ho uena, Morena.

SEKEHA TSEBE,   MORENA,   ‘ME U NKARABE.       

Ruri uena, Morena, u molemo, ua tšoarela,

u tletse mohau ho bohle ba u rapelang.

Morena, sekehela thapelo ea ka tsebe, u ele lentsoe la thapeli ea ka hloko.

SEKEHA TSEBE,   MORENA,   ‘ME U NKARABE.

 

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka (5:21-43)

Ngoanana ke re ho uena, tsoha!

 

Ka nako eo, hoba Jesu a tšelele mose oane ka sekepana, matšoele a maholo a mo khobokanela. O n’a le lebopong la leoatle.  Eaba ho tla ho eena motsamaisi e mong oa ntlo ea thapelo, ea bitsoang Jairuse.  Ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae, a mo kopa ka matla, a re: Moralinyana oa ka o lekhatheng la lefu; ak’u tle, u ‘mehe letsoho, a tle a fole ‘me a phele.

Jesu a ea le eena. Letsoelehali le ne le mo latela, le mo pupelitse.  Ho ne ho le teng moo mosali e mong   eo e neng e s’e le lilemo tse leshome le metso e ‘meli a tsoenngoa ke phallo ea mali. O n’a s’a ile a utloa mahloko a  tšabehang  tlas’a  tšebetso  ea  lingaka  tse  ngata,  hoo a neng a se a qetile lintho tsohle tsa hae, a sa fumane thuso le e nyenyane, empa bohloko bona bo ntse bo tota. Eare hoba a utloe tsa Jesu, a kena  har’a letšoele, a atamela kamorao ho eena, ‘me a ama seaparo sa hae. Hobane o n’a re: Ha feela nka mpa ka ama liaparo tsa hae, ke tla pholoha. Hang-hang phallo ea mali ea khaotsa, a ikutloa ‘meleng hore o folile bohlokong ba hae.

 

Kapele-pele Jesu, ka ho tseba hore matla a tsoile ho eena, a retelehela ho letsoele, a re: Ke mang ea ammeng liaparo tsa ka? Barutuoa ba hae ba re ho eena: U ntse u bona letšoele kamoo le u patisitseng kateng, feela u botsa hore na ke mang ea u ammeng?

 

Eena o n’a nts’a qamaka kahohle ho bona ea entseng joalo. Mosali, hobane eena a n’a tseba se etsahetseng ka ho eena, a qala ho tsoha le ho thothomela;  eaba oa tla, o  fihla  a  itihela pel’a  hae, a ‘molella ‘nete  eohle. Jesu a re ho eena: Morali oa ka, tumelo ea hao e u pholositse. Ikele ka khotso; ebe ke ha u folile bohlokong ba hao.

 

Eare a sa ntsane a bua, ba bang ba tsoang ha motsamaisi oa ntlo ea thapelo, ba fihla ba re ho Jairuse: Morali oa hao o hlokahetse; u sa nts’u khathaletsa’ng Moruti na?

Empa Jesu, h’a utloa peii e tlisoang ke bona, a re ho motsamaisi oa ntlo ea thapelo:  U se ke ua tšaba, u mp’u be le tumelo feela. ‘Me ha a ka a lumella motho ho mo sala morao, ha e se Peterosi, le Jakobo le Joannes, ngoan’abo Jakobo.

Ba fihla tlung ea motsamaisi oa ntlo ea thapelo. A bona mofere-fere, batho ba llang, ba bile ba bokolla habohloko. A kena, a re ho bona: Le etsetsa’ng mofere­fere ona? Le llela’ng na?  Ngoanana ha a shoa, o mpa a robetse.

Ba mo tseha. Empa eena, hoba a ba ntšetse kantle kaofela, a kena moo ngoanana a robetseng teng, a e-tla le ntat’a ngoanana le ‘mae, le ba neng ba e-na le eena. A tšoara ngoanana ka Ietsoho, a re ho eena: “Talitha Kum!” Ke ho re, ha ho fetoleloa: Ngoanana, ke re ho uena, tsoha!

Hang-hang ngoanana a tsoha, a qala ho tsamaea; e ne e le ngoanana ea lilemo Ii leshome le metso e ‘meli. Batho ha ba bona hoo, ba makala haholo.  Eaba Jesu o ba laea ka thata hore ho se ke ha e-ba motho ea tsebang taba ena; a nt’o ba bolella hore ba fe ngoanana lijo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Hlakola 2026

Read Next

La 4 Hlakola 2026

Most Popular