Letona la Temo le Kanetso ea Lijo, Mohlomphehi Thabo Mofosi o hlahlobile koro le ho khakola ka molao kotulo ea Lehlabula, masimong a kopanetsoeng ke lihoai tsa metse ea Ha Sekoai, Ha Maoela le Samaria seterekeng sa Mafeteng. Tsena li bile ka la 9 Pherekhong 2026.
H’a bua le ba neng se phuthehile moo, Mohlomphehi Mofosi o thoholelitse lihoai ka mosebetsi o motle. A re ke morero oa Lekala la habo ho bona hore Basotho ba itlhahisetsa lijo tse lekaneng bakeng sa malapa a bona, le ho fetola temo khoebo. A bontša hore sechaba se lokela ho sebetsa ka thata tlhahisong ea lijo e le ho qoba ho fetoha mekopa-kopa.
A tiisa hore Lekala la habo la le malala-a-laotsoe ho thusa lihoai ka lisebelisuoa tsa temo, e le hore li tsebe ho ntlafatsa chai. A ipiletsa ho sechaba ho ikakhela ka setotsoana temong kaha e le eona mokokotlo oa naha.
Mokhethoa oa Qalabane ebile e le Letona la Lichelete Dr. Retšelisitsoe Matlanyane o lebohile ‘muso kaho tšehetsa sechaba sa habo sa Qalabane ka nyehlisetso ea lipeo le manyolo, le ka mechini e kotulang le e lemang. A khothaletsa sechaba ho ikakhela ka setotsoana temong kaha ba ka tseba ho phelisa malapa le ho iphelisa ka eona. A kopa sechaba ho kena temong ka matla a maholo ho loantša tlala le ho itlhahisetsa mesebetsi.
Lebitsong la lihoai, Monghali John Mokonyana o boletse hore lipelo tsa bona li thabile haholo ha tšebetso ena ea temo ea koro e fihlile h’abo bona. “Re le lihoai tse ikopantseng re leboha haholo tšehetso ea ‘muso ka nyehlisetso ea lipeo le manyolo.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore ka theolelo eo ba atlehile ho lema koro ka bongata. “Re leboha le ka mechini ena, hore koro ea rona e kotuloe.” A rialo.
A re qholotso e kholo eo ba atisang ho kopana le eona ke ea ho lieha ho tlosoa ha koro masimong ha e se e butsoitse, ebe e lahleheloa matla le boleng ba eona. “Re itela ho ‘muso oa habo rona ka bahlanka ba ona hore re thusoe lijo tsena li tlosoe masimong e sa le ka nako li e-so lahle boleng ba tsona.” Ke eena eo. Ke hona ketelong ena Letona le ileng la boela la ea hlahloba Selakhapane sa Sechaba sa nama ea khoho, ‘me bahlahisi ba ile ba mo tekela likatleho le liqholotso tseo ba kopanang le tsona. Letona la bontša le se le hatetse pele haholo ho rarolla tse ling tsa liqholotso tsa bona, ha tse ling tsona a tlil’o sebetsa ‘moho le lihoai ho fihlela litharollo.
