Beke ea 4 ea Advente
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Malakia, (3:1-4.23-24)
“Ke tla le romela moprofeta Elia pele letsatsi la Morena le hlaha.”
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Bonang, ke romela leqosa la ka, le tla lokisa tsela kapel’a ka. ‘Me hang Morena eo le ‘matlang o tla kena tempeleng ea hae. Leqosa la selekane leo le le lakatsang, ke leo, le e-tla, ho rialo Morena oa makhotla.
Ke mang ea ka phelang mohla letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ea ka emang a tiile, ha a hlaha? Hobane o joaloka mollo o hloekisang, ‘me o joaloka sesepa sa lihlatsoi.
O joaloka ea qhibilihisang ‘me ea hloekisang silvera; o tla hloekisa bara ba Levi, a ba tšeke joaloka gauda le silvera, ba tle ba hlahisetse Morena nyehelo ka tšoanelo. Ke moo nyehelo ea Juda le ea Jerusalema e tla khahla Morena joaloka mehleng e fetileng le mengoaheng ea boholo-holo.
Ke tla le romela moprofeta oa ka Elia, pele letsatsi la Morena le fihla, letsatsi leo le leholo, le tšabehang. O tla retelletsa pelo tsa bo-ntata ho bara, a reteletse tsa bara ho bo-ntat’a bona, esere ka tla timetsa naha ena la qetello.
PESALEMA 24
RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.
Mpontše ‘mila oa hau, Morena,
u nthute litsela tsa hau.
U ntataise ‘neteng ea hau ‘me u nthute,
hobane ke uena Molimo mopholosi oa ka,
RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.
Morena o molemo ‘me o lokile;
ka baka lena o khutlisetsa baetsalibe tseleng.
O tataisetsa ba eisehang ho lokeng
‘me o ruta ba fokolang tsela ea hae.
RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.
Litsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le ‘nete
ho ba bolokang selekane le litaelo tsohle tsa hae.
Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang;
o ba senolela selekane sa hae.
RAOHANG LE PHAHAMISE LIHLOHO TSA LONA, HOBANE TOPOLLO EA LONA E HAUFI.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng Luka. (1:57-66)
“Tsoalo ea Joannes Mohlatsoi.”
Nako ea Elisabetha ea ho itšihlolla ha e se e fihlile, a beleha mora. Baahisane le bang ka eena, ha ba utloa hore Morena o bonahalitse mohau oa hae ho eena, ba tla ho mo lebohela.
Ha etsahala hore, ka letsatsi la boroba meno e ‘meli, ba tle ho tla bolotsa ngoana. Ba ne ba batla ho mo rehella ka ntat’ae Zakaria. Empa ‘m’ae a araba, a re: Che! O tla bitsoa Joannes. Ba re ho eena: Ha ho motho lelokong la heno ea bitsoang joalo.
Eaba ba tšoantšetsa ntat’ae hore na a ka rata hore a bitsoe mang. Eena a kopa letlapa, a ngola, a re: Joannes ke lebitso la hae! ‘Me bohle ba makala.
Hang molomo oa hae oa buleha, leleme a hae la lokoloha, ‘me o n’a bua, a boka Molimo. Ke moo baahisane bohle ba ileng ba tšoaroa ke tšabo, ‘me litaba tseo kaofela tsa phatlalla hohle maloting a Judea. Bohle ba neng ba li utloa ba ipolokela tsona ka lipelong tsa bona, ba re: Ekaba ngoana eo e tla ba eng na? Efela letsoho la Morena le ne le le ho eena.
