Vinkmag ad

O loanela likolo

Mokhethoa oa Hloahloeng, Katleho Mabeleng o re ‘Muso oa Lesotho o lokela ho anetsa thuto ka tsela e tšoanang likolong tsohle, le libakeng tsohle kahar’a naha. O tiisitse litaba tsena puisanong le Koranta ka la 19 Pulungoana monongoaha.

Litaba tsena li latela hore a kenye tšisinyo Ntlong ea Bakhethoa hore ’Muso oa Lesotho o ntlafatse thuto ea bana ba Basotho ba mahaeng, joalokaha o ntlafatsa ea ba litoropong. O re tšisinyo ea hae e ipapisitse le molao o reng thuto e lokela ho anela bohle ntle le khethollo, ka meaho le ka libaka tse fihlelehang ha bobebe. O re boholo ba likolo tse ka lithabeng li fihleleha ka thata ‘me hoo ho ama baithuti hoo ba bang nakong ea lipula tse matla ba sa finyelleng likolong.

O re ke nakong ena eo lefatše le khothaletsang har’a Lipehelo tse ling tsa Ntlafatso ea Moshoelella (SDGs) ba lokelang ho sheba litaba ka leihlo le fapakaneng le la pele. O re ba lokela ho behella chelete ea ntlafalo ea likolo tse ka lithabeng ka pele.

“Thuto ha e lokela ho khetholla, batho bohle ba lokela ho anya le mohasula joaloka bana ba mabalane.” Ke Mabeleng eo.

O ile a tea mohlala ka likolo tse kang Khama-Khamane, Sefateng, Qoloane le Thakhalla har’a tse ling tseo ho seng meaho, lithusa-thuto, litsela, motlakase le litichere, hoo le bana ba kenang lenyalong ba le lilemong tse tlase.

O re liketsehalo tse ling metseng li ipakeloa ke hobane sechaba se hloka kutloisiso ea thuto. A re lipalo tsa batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola li bonahala ka lithabeng e le qholotso e kholo.

Mabeleng o re ho tsetela thutong ke bokamoso ba naha ena, ka hona e ka ba bohlale hore likolo tse bonahalang li lahliloe kherehloa li hopoloe, hape likolo li hlahlojoe khafetsa ho sa natsoe bohole ba tsona.

Puisanong le Mookameli oa Mokhatlo oa Litichere, Letsatsi Ntsibolane o itse o tlatsa litaba tsena ka hore litichere li sebeletsa libakeng tse sa bolokehang, likolo tse ling ha se tse amohelehang le libaka feela tsa ho rutela.

O re ha ‘muso o ka tsetela ka ‘nete e hlokang leeme thutong ea bana, kholo le ntlafalo ea sechaba e ka bonahala; kaha bohlale le moruo li kolla thutong hobane sechaba se hlokang thuto se’a timela.

“Thuto ea naha ea habo rona e ntse e kikitlela, ho bohlokoa hore ‘muso o sebelise maano a ona a matle molemong oa naha le bana ba naha ena.” Ho rialo Ntsibolane.

A re leha ho le joalo o thoholetsa mohato oa ho bona hore likolo tse ngata li kenyelletsa litaba tsa thuto e anelang bana bohle haholo meaho e arabela tlhoko ea bana ba nang le bokooa, ntlafalo ea thuto ea likonyana le thuto e ntlafatsang kholo ea ngoana.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Pulungoana 2025

Read Next

La 22 Pulungoana 2025

Most Popular