Setsi sa Lesotho sa Litšebeletso tsa Lekhetho (RSL) ka kopanelo le sa Afrika Boroa (SARS), li thakhotse ka molao tlaleho e kopanetsoeng ea boithuto ba ho matlafatsa linako tsa tšebetso malibohong a Lesotho le Afrika Boroa e bitsoang TRS, ‘mokeng oa letsatsi o bileng Holong ea Liboka ea Victory, Maseru ka la 6 Pulungoana 2025.
Ho tloha ha tumellano ea (WTO) e leng eona e tsoetseng boithuto bona e qala ho sebetsa ho tloha ka selemo sa 2017, Naha ea Lesotho ka RSL e bonahetse e fihletse liphetoho tse kholo litabeng tsa khoebo, e le ho leka ho fokotsa nako ea tšebetso ka malibohong le litšenyehelo tsa thepa e nkang nako e telele sebakeng sa ho tšela malibohong a linaha tsena tse peli.
H’a bua ‘mokeng ona ea tšoereng molepo e le Komishinara ea RSL, Monghali Rakokoana Makoa o boletse hore Naha ea Lesotho joalokaha e pota-potiloe ke ea Afrika Boroa ho bohlokoa haholo ho sebetsa ‘moho litabeng tsa khoebo, e le ho nolofatsa e seng feela khoebo le ho matlafatsa leano la tšebetso le phuthetsoeng ke TRS empa sena ke tšiea ea mantlha ea bohlokoa ea kholiso ea moruo linaheng tsena. A re morero o moholo oa TRS ke ho tla fana ka chebelo-pele e hlakileng e bileng e nang le ponaletso ea tšebetso.
A re boithuto bona ba TRS bo boetse bo tlil’o thusa ho matlafatsa tšebetso moo tsamaiso e bonahalang e fokola, ho hokahanya litšebeletso tsa ho tšela ka thepa malibohong, ho rarolla liqholotso tseo ho nang le mapaki tsa bahoebi, barekisi ba linaha tsena tse peli ba ka llang ka tsona e le mokhoa o mong oa ho tlisa ponaletso le ho bebofatsa meralo ea tšebetso.
A qetella ka hore liphuputso le likhothaletso tse hlahang boithutong bona ba TRS li tlil’o ntlafatsa litšebeletso tsa maliboho le ho khothaletsa mekhoa eo ba tlang ho lumellana ka eona, ea tšebeliso tsa maliboho bakeng sa ho tšelisa thepa.
Molaoli e Moholo oa SARS, Monghali Beyers Theron eena o ipilelitse ho linaha tsena tse peli ho itšetleha haholo ka maano le bohlokoa ba Mokhatlo oa Lefatše oa Litšebeletso tsa Maliboho(WCO), kaha o bohlokoa haholo litabeng tsa ho etsa likhakanyo tsa nako e ka sebelisoang sebakeng sa malibohong le litsamaiso tsohle tsa maliboho. A re TRS e tlil’o thusa ho bontša moo e bang RSL le SARS li ntse li sitoa ho fihlela likatleho le ho thusa ho matlafatsa moo tšebetso e sa tsamaeng hantle.
A re TRS ha e bohlokoa feela molemong oa ho thusa litsi tsena ho tseba liqholotso tseo li kopanang le tsona, empa e boetse e tlil’o thusa ho nolofatsa liphetoho ho tloha mekhoeng ea khale ea tšebetso ho e tlisa ho ea sejoale-joale moo ho seng ho sebelisoa marang-rang ho feta pele. A re TRS e boetse e tlil’o ba le seabo ho ntlafatsa litsela tsa khoebo tsa SACU e le ho nolofatsa khoebo.
A qetella ka hore TRS e fana ka melemo e mengata ea bohlokoa sebakeng sa ho nyolla moruo, ka ho fokotsa ho se sebetse hantle ha tsamaiso ea malibohong, ho loantša litšenyehelo, kholo ea linaha tsena tse peli le ho ikamahanya le litumellano tsa khoebo le khoebisano e bulehileng ea tikoloho ea Afrika. A isa liteboho tsa hae tse khethehileng ho balekane ba bona tšebetsong ba kentseng letsoho le toma ho atlehisa morero ona oa TRS.
