Vinkmag ad

Melele e hlasetsoe ke bokakachelana

Ka sepheo sa ho kenya letsoho litabeng tsa phepo e ntlafetseng ea bana le kholo e nepahetseng, ‘Muso oa Lesotho ka tšebetso ea lichelete ea Banka ea Lefatše le thakhotse mokhahlelo oa boraro oa ho koetlisa bahlanka mabapi le litaba tsa phepo e nepahetseng. Litaba tsena li bile ka la 22 Mphalane monongoaha.

Morero ona o tl’o etsa boithuto ka phepo e nepahetseng, eleng Lesotho Nutrition and Health Systems strengthening Project End-line survey (LNHSSELS).

Letona la Bophelo, Mohlomphehi Selibe Mochoboroane o hlalositse hore sena se tla kamor’a hore lekala le be le morero oa lilemo tse hlano tsa ho loantša bokakachelana. O re mokhahlelo oa pele ebile oa ho bua le Bangoli ba Baholo ba Litereke, marena, makanselara le sechaba ka boithuto bona bo tl’o etsoa, ha oa bobeli e bile ngoliso ea malapa.

Mokhahlelo oa boraro ke ona o neng o thakholoa ka la 19 Mphalane 2025, e leng oa ho koetlisa bahlanka ba tl’o thusa lekala ho bokeletsa lipalo tlasa morero ea LNHSSP. O re lipalo tsena li tl’o thusa lekala ho etsa meralo e nepahetseng molemong oa ho etsa sechaba se phetseng hantle ‘meleng le kelellong le tšalo morao ea liphuputso tsa Lesotho Demographic Health Survey (LDHS) ea selemo sa 2014 le 2023.

A tsoelapele hore hona ho tla atlehisa phepo e ntle, phano ea liente, le ho qoba mathata a hlahelang basali ka nako eo ba lebeletseng le ho felisa bokakachelana baneng. A re hape khahello e teng sebakeng sa ho etsa ngoana ea phetseng hantle ‘meleng le kelellong.

Ho sa le joalo, tlaleho ea 2014 ea palo ea bokakachelana e ile ea fapakana ka litereke ‘me sa Mokhotlong se ne se e-na le 48 %. Ho latela leqephe la Food & Nutrition Security Strategy (2019); litereke tse kang Mokhotlong 47.7 % le Thaba‑Tseka 40 % e ne e le tsa maemo a phahameng.

Karolong ea morao ea monongoaha tlaleho ea boithuto bo bocha ea 2023-24 e supa ha Qacha’s Nek e etella pele ka 47.9 % ea bokakachellana. Litereke tse ling tsa Thaba-Tseka 46.3 %, Mohale’s Hoek 44.7 % le Quthing 38.8 %.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba sireletsa borena

Read Next

La 25 Mphalane 2025

Most Popular