Sehopotso sa Josafate ea Halalelang, Mobishopo le Moshoela-Tumelo.
Beke ea 32 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (6:2-12)
“Mamelang, lona marena, le tle le ithute bohlale.”
Mamelang joale, lona marena, ‘me le utloisise; ithuteng, lona babusi ba mafatše a hole; sekehang tsebe, lona ba renang holim’a matšoele, lona ba ithorisang ka bongata ba lichaba tsa lona.
Ke Morena ea le fileng matla a lona, le puso ea lona e tsoa ho Ea holimo-limo, eena ea tla hlahloba mesebetsi ea lona, a shebisise merero ea lona.
Joale leha le le bahlanka ‘musong oa hae, ha lea ka la ahlola ka nepo, leha e le ho boloka Molao kapa ho tsamaea ka ho ea ka thato ea Molimo; ka hoo o tla le hloibila ka potlako le ka botšabehi. Kahlolo e boima e emetse ba tulong tse phahameng. Motho ea eisehang a ka tšoareloa, a hauheloa, empa ba matla ba tla botsoa kathata.
Morena oa bohle a ke ke a ea ka tšobotsi, leha e le ho tsotella boholo. Ke eena ea entseng e monyenyane le e moholo, ‘me o baballa bohle ka ho tšoana; empa lipotso tse thata li tobane le ba matla. Joale ke lebisa mantsoe a ka ho lona, mahosana, le tle le ithute bohlale, le se oele phosong, hobane bao ka khalalelo, ba latetseng melao e halalelang, ba tla tsejoa e le bahalaleli, le ba e rutiloeng ba tla tseba ho ipuella. Ka hoo, laba-labelang lipolelo tsa ka, le li nyoreloe ‘me le tla ruteha.
PESALEMA 81
EMA, MOLIMO, U AHLOLE LEFATŠE.
Ahlolelang ea fokolang le khutsana,
etsetsang ea hlophehileng le ea futsanehileng toka.
Namolelang ea fokolang le ea hlokang,
le mo ntše liatleng tsa ba khopo.
EMA, MOLIMO, U AHLOLE LEFATŠE.
‘Na ke ne ke itse: Le melimo,
bohle le bara ba Ea holimo-limo.
Athe le tla ‘ne le shoe joaloka batho,
le oe joalokaha le ‘ona mahosana a oa.
EMA, MOLIMO, U AHLOLE LEFATŠE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (17:11-19)
“Ha ho le ea mong ea khutlileng ho tlotlisa Molimo, ha e se molichaba enoa.”
Ka nako eo, e itse ha Jesu a le tseleng, a ea Jerusalema, a feta lipakeng tsa Samaria le Galilea. Eare ha a kena motseng o mong, a khahlametsoa ke banna ba leshome ba balepera. Ba ile ba ema hole, ‘me ba phahamisa mantsoe, ba re: Jesu, Moruti, ak’u re hauhele! Ha a ba bona, a re: E-eang, le itlhahise ho baprista.
‘Me ha etsahala hore, ha ba ntse ba e-ea, ba hloekisoe. E mong oa bona, ha a bona hore o hloekisitsoe, a khutla, a nts’a rorisa Molimo ka lentsoe le phefa; ‘me a itihela ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Enoa e ne e le Mo-samaria.
‘Me Jesu a botsa, a re: Na ha se ba leshome ba hloekisitsoeng na? Ba robong ba kae? Ha ho le ea mong ea khutlileng ho tlotlisa Molimo, ha e se molichaba enoa. Eaba o re ho eena: Ema, u ikele, tumelo ea hau e u pholositse.
