Beke ea 31 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (16:3-9.16.22-27)
“Lumelisanang ka kako e halalelang.”
Lumelisang Priska le Aquilase, bao e leng batlatsi ba ka ho Kriste Jesu, ba ileng ba ipeha kotsing ea ho shoa ho mpholosa. Kea ba leboha, e seng ‘na feela, empa le likereke tsohle tsa balichaba. Lumelisang le kereke e phuthehang tlung ea bona.
Lumelisang Epenete, moratuoa oa ka, eo e leng thakangoaha ea Asia ho Kriste.
Lumelisang Maria, ea sebelitseng haholo har’a lona. Lumelisang Andronikuse le Juniase, bang ka ‘na ba bileng litlamong ‘moho le ‘na, ba tumileng har’a baapostola ‘me ba bileng ba Kriste le pele ho ‘na. Lumelisang Ampliatuse, moratuoa oa ka Moreneng. Lumelisang Urbanuse, motlatsi oa rona ho Kriste, le Stakise, moratuoa oa ka.
Lumelisanang ka kako e halalelang. Likereke tsohle tsa Kriste li’a le lumelisa.
‘Na Tertiuse, ea ngotseng lengolo lena, ke le lumelisa Moreneng. Gaiuse, moamoheli oa ka le oa kereke eohle, o’a le lumelisa. Erastuse, ‘moloki oa matlotlo a motse, le Quartuse, ngoan’abo rona, b’a le lumelisa.
Tlotliso e be ho Molimo ea nang le matla a ho le tiisa tumelong, ka ho ea ka Evangeli eo ke e rutang le thuto ea Jesu Kriste le ka ho ea ka tšenolo ea sephiri seo e neng e sa le se patehile, empa joale se senotsoe ka mangolo a baprofeta, ‘me ka taelo ea Molimo oa bosafeleng, se phatlallelitsoe lichaba tsohle ho li tataisetsa tumelong le mamelong. Ho Molimo, eo e leng eena feela ea bohlale, ho isoe tlotliso, ka Jesu Kriste, kamehla le mehla. Amen.
PESALEMA 144
MORENA, KE TLA BOKA LEBITSO LA HAU KAMEHLA.
Ke tla u boka Morena ka matsatsi ‘ohle,
ke rorise lebitso la hau ka mehla le mehla,
Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso eohle,
boholo ba hae bo sita ho lekanngoa.
MORENA, KE TLA BOKA LEBITSO LA HAU KAMEHLA.
Moloko o thoholetse moloko o tlang,
mesebetsi ea hau,
o tumise liketso tsa matla a hau.
Ke tla inahana ka khanya ea botlotlehi ba hau
le ka liketso tse tsotehang tsa hau.
MORENA, KE TLA BOKA LEBITSO LA HAU KAMEHLA.
Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,
metsoalle ea hau e ke e u boke.
E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,
e ke e bolele matla a hau.
MORENA, KE TLA BOKA LEBITSO LA HAU KAMEHLA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16:9-15)
“Ha eba le sa tšepahale maruong a lefatše lena, ke mang ea tla beha maruo a ‘nete kalosong ea lona?”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Iketsetseng metsoalle ka maruo a lefatše lena le khopo, hore mohla a le fellang, le tsebe ho amoheloa lehaeng le sa feleng.
Ea tšepahalang tabeng e nyenyane o tla tšepahala le tabeng e kholo, athe ea sa lokang tabeng e nyenyane a ke ke a loka le tabeng e kholo. Ha eba le sa tšepahala maruong a lefatše lena, ke mang ea tla beha maruo a ‘nete kalosong ea lona? ‘Me ha eba le sa tšepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ea tla le neha seo e leng sa lona?
Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla hanella ho e mong, a khese e mong. Le sitoa ho sebeletsa Molimo hammoho le maruo.
Joale Bafarisi, ba neng ba rata chelete haholo, ba mo tšeha ha ba utloa tseo tsohle. Jesu a re ho bona: Lona, le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lona; hobane seo batho ba se shebileng e le se phahameng, se nyonyeha mahlong a Molimo.
