Beke ea 31 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (13:8-10)
“Lerato ke phethahatso ea molao.”
Bana b’eso! Le se ke la ba le molato oa letho ho motho, ha e se ho ba le lerato la boena. Hobane ea ratang oa habo, o phetha molao. Efela melao ena: U se ke ua feba, u se ke ua bolaea, u se ke ua utsoa, u se ke ua etsa bopaki ba bohata, u se ke ua lakatsa seo e seng sa hau, leha e le melao e meng eohle, e akaretsoa ka lentsoe lena: U tla rata oa heno joalokaha u ithata. Lerato ha le etsetse mohahabo lona bobe. Ka baka leo lerato ke phethahatso ea molao.
PESALEMA 111
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA MOHAU, ‘ME EA ALIMANANG.
O entse hore tse tsotehang tsa hae li hopoloe,
Morena o lereko ‘me o mosa.
O file ba mo tšabang lijo,
o hopola selekane sa hae ka bosafeleng.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA MOHAU, ‘ME EA ALIMANANG.
Mesebetsi ea liatla tsa hae ke ‘nete le toka,
litaelo tsa hae tsohle ke tsa ‘nete.
O rometse sechaba sa hae pholoho,
o laetse hore selekane sa hae e be se sa feleng.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA MOHAU, ‘ME EA ALIMANANG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (14:25-33)
“Mang kapa mang ea sa teleng tsohle tseo a li ruileng, e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.”
Ka nako eo, matšoele a maholo a n’a tsamaea le Jesu, ‘me a retelehela ho ‘ona, a re: Ha motho a ka tla ho ‘na, empa a sa hloee ntat’ae le ‘m’ae le mosali le bana babo le likhaitseli, esita le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka. ‘Me ea sa jareng sefapano sa hae, a ntšala morao, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.
Ke mang har’a lona, eo ekareng ha a rata ho aha tora, a ke keng a qala ka ho lula fatše ho lekanya litšenyehelo, a tle a bone hore na o na le matla a ho phetha mosebetsi? Esere, ha a se a behile motheo, joale a sitoa ho qeta, e be moo bohle ba shebeletseng ba qala ho mo ja litšeho, ba re: Motho eo o qalile ho aha, joale o sa hloleha!
Kapa ke ofe morena, eo ekareng ha a tla ea futuhela morena e mong, a ke keng a qala ka ho lula fatše, a ipotsa hore na ka likete tse leshome a ka ba le matla a ho thulana le ea nang le likete tse mashome a mabeli na? Ho seng joalo, ekare eo a sa le hole, a romela maqosa ho ea kopa khotso.
Ka mokhoa o joalo, mang kapa mang oa lona ea sa teleng tsohle tseo a li ruileng, e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.
