Vinkmag ad

LHDA e fana ka litlaleho

Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (LHDA) o bile le lipuisano tse bulehileng le baphatlalatsi ba litaba, ka sepheo sa ho ntlafatsa maqhama a mofuthu a tšebelisano ‘moho le ho ba tlalehela ka khatelo pele ea tšebetso e seng e fihletsoe ea Morero oa Letamo la Polihali. Lipuisano tsena li bile Ntlo-Kholo ea LHDA, Maseru ka la 10 Mphalane 2025.

H’a bua le baphatlalatsi ba litaba tšebeletsong ena ea pele ea mofuta oa eona Mookameli oa LHDA, Monghali Tente Tente o boletse hore mesebetsi e meholo e etellang pele tšebetso ea khaho ea Letamo la Polihali e kenyeletsang ho betla litsela, khokelo ea motlakase le khaho ea matlo a bolulo li ba tla li se li phethetsoe, empa moo ba ntseng ba saletse morao ke khaho ea marokho ho kenyeletsa le Letamo la Polihali. A re ho se ho entsoe leano la ho potlakisa tšebetso e le hore ba tle ba tsebe ho qeta ka nako eo ba neng ba ipehetse eona.

A re litabeng tsa phano ea mesebetsi ke kakaretso ea batho ba 16,400 ba seng ba fuoe mesebetsi, ‘me ho kenyelelitse Basotho ba 14,953 ‘moho le mefuta e meng ea batho ba tsoang kantle ho naha ba nang le litsebo tse khethehileng. “Re ee re utloe ho thoe re fa melata mesebetsi empa re na le palo e fokolang haholo ea melata e hiriloeng hoba ba katlase ho 10%.” A rialo.

H’a tsoelapele, Tente o bontšitse hore ke batho ba 7,583 ba Setekere sa Mokhotlong ba fuoeng mesebetsi, “‘me sena se bolela hore ho bonolo haholo ho hira batho ba seng ba ntse ba le haufi le moo mosebetsi o leng hona teng. Le hoja ho ntse ho e-na le qholotso ea hore batho ba re ha ba fumane mesebetsi e fuoa ba tsoang libakeng tse ling.”

A supa hore litabeng tsa matšeliso ke palo e kaalo ka 12,843 ea liforomo tsa matšeliso tseo ba seng ba li amohetse, ‘me kahar’a tsona tse 7,456 li se li kene kahare ho marang-rang a bona a tšebetso. Athe tse 4,574 ke se seng li lefuoe. A re tsena tse e-s’o lefshoe ke moo e bang ho na le litokomane tse sa fellang le litsekisano tsa mafa. A re ke batho ba 400 ba seng ba fallisitsoe ha boiketo ba kampani e ka fallisang mabitla a 1000, bo e-s’o phetheloe. Empa haele ea tšebetso ea ho fallisa metse e tlang ho ba kahare ho boliba e se e koetsoe, ‘me e se e ntse e sebetsoa.

A leboha boteng ba baphatlalatsi ba litaba kaha e le batho ba bohlokoa haholo kahare ho LHDA. A ba hlokomelisa hore mamati a butsoe ka linako tsohle bakeng sa ho fa Basotho litaba tsa ‘nete ka Morero le ho ba soaea mohlare moo e bang ba hatile ka lebatha.

Mookameli ea alositseng Lefapha la Social Development and Environment(SDE), Mofumahali Ntaoleng Mochaba eena o ile a hlalosa ka tšebetso ea makalana a oelang tlasa SDE, e leng la Paballo le Tlhokomelo ea Tikoloho le Sechaba sohle se anngoeng ke Morero, la Phalliso le Mesebetsi eohle e anngoeng ke Morero le la Tlhokomelo le Paballo ea Lihloliloeng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Mphalane 2025

Read Next

La 13 Mphalane 2025

Most Popular