Vinkmag ad

La 24 Mphalane 2025

Beke ea 29 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (7:18-25)

“Ke mang ea tla ntokolla ‘meleng ona o shoang?”

Bana b’eso! Kea tseba hore ha ho molemo oa letho ho ‘na, ke hore bothong ba ka: hobane leha ke e-na le takatso ea ho etsa tse ntle, ke sitoa ho li phetha. Tse lokileng tseo ke ratang ho li etsa, ha ke li etse; athe tse mpe tseo ke sa rateng ho li etsa, kea li etsa. ‘Me ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa hlola e le ‘na ea se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho ‘na.

Ha ho le joalo, ha ke rata ho etsa tse ntle, ke na le tsebo ea hore ke tse mpe tse mphihlelang. Ke thabela molao oa Molimo ka motho oa kahare; empa ke bona lithong tsa ka molao o sele, o hananang le molao oa kelello ea ka, ‘me o nkhapetseng molaong oa sebe o leng lithong tsa ka. Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla ntokolla ‘meleng ona o shoang? Ke mohau oa Molimo, ka Jesu Kriste, Morena oa rona.

PESALEMA 118

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Morena nthute tlhalohanyo le tsebo,

hobane ke tšepile melao ea hau.

Uena ea molemo ‘me ea fanang,

nthute thato ea hau.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Mohau oa hau o ke o ntšelise,

ka ho ea ka pallo ea hau ho mohlanka oa hau.

Mosa oa hau o ke o tle ho ‘na ‘me ke tla phela,

hobane Molao oa hau o ntlhatsoa pelo.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Nke ke ka lebala litaelo tsa hau le ka mohla,

hobane u mphelisitse ka tsona.

Ke oa hau, u mpholose,

hobane ke batla litaelo tsa hau.

NTHUTE THATO EA HAU, MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:54-59)

“Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa leholimo le sa lefatše; empa ho ea ka’ng ha le sa tsebe ho hlalohanya nako ea joale?”

Ka nako eo, Jesu o n’a re ho matšoele: E ee ere ha le bona leru le nyoloha bophirimela, kapele-pele le re: pula e tla na; ‘me ho be joalo. Empa ha ho foka moea o tsoang boroa, le ee le re: ho tla futhumala, ‘me ho be joalo. Baikaketsi, le tseba ho hlalohanya sebopeho sa le holimo le sa lefatše; empa ho ea ka’ng ha le sa tsebe ho hlalohanya nako ea joale?

Ke’ng ha le sa tsebe ho ikhethela ho lokileng? Ekare ha u ea ho morena le e mong eo le tsekisanang le eena, u leke ho lokisa litaba le eena le sa le tseleng, e se re mohlomong a u hulela ho moahloli, ‘me moahloli a u nehela molefisi, ‘me molefisi, a u hlahlela chankaneng. Kea u bolella, u ke ke ua tsoa teng ho fihlela ha u lefile esita le cheletana ea ho qetela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Mphalane 2025

Read Next

Ba sireletsa borena

Most Popular