Beke ea 28 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (3:21-30)
“Motho o etsoa ea lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ea Molao.”
Bana b’eso! Joale, kantle ho Molao, ho bonahalitsoe toka ea Molimo e pakiloeng ke Molao le Baprofeta, toka ea Molimo e bang teng ka tumelo ho Jesu Kriste ‘me e ruoang ke bohle ba lumelang ho eena.
Moo ha ho khethollo, hobane bohle ke baetsalibe, leha e le Bajodi kapa bahedene, ‘me ba hole le botlotlehi ba Molimo. Empa, ka mohau oa Molimo ea fanang feela, ba entsoe ba lokileng ka ho lopolloa ka Jesu Kriste, eo Molimo a mo khethileng e sa le pele, hore maling a hae libe tsa batho li lefelloe ka ho ba le tumelo.
Molimo o ne a rata ho bonahatsa ho loka ha hae. Nakong e fetileng o ne a iphapanya ‘me a tšoarela batho libe. Le nakong ea joale a rata ho bonahatsa ho loka ha hae; o batla ho bontša hore eena o lokile ‘me o sitsa ka ho loka ea nang le tumelo ho Jesu Kriste. Joale lebaka la ho ithorisa e ka ba lefe? Ha le eo. Ho ka ithorisoa ka molao ofe? Ka molao oa mesebetsi na? Che; empa ka molao oa tumelo.
Hobane re lekanya hore motho o etsoa ea lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ea Molao. Ana Molimo ke oa Bajodi ba inotši? Na ha se le oa balichaba? E, ke oa balichaba hape. Hobane efela e ntse e le Molimo a le mong.
PESALEMA 129
MOHAU O TENG HO MORENA, LE MATLA A HO LOPOLLA A MANGATA HO EENA.
Morena, ke hoeletsa ho uena ke le botebong,
Morena, ak’u mamele lentsoe la ka.
Ak’u thehe tsebe,
ha ke hlahisa thapeli ea ka.
MOHAU O TENG HO MORENA, LE MATLA A HO LOPOLLA A MANGATA HO EENA.
Morena, ha u sa lebale melato,
ke mang ea ka phelang, Morena?
Empa ho uena tšoarelo e teng,
ka hona batho b’a u hlompha.
MOHAU O TENG HO MORENA, LE MATLA A HO LOPOLLA A MANGATA HO EENA.
Ke behile tšepo ea ka ho Morena,
moea oa ka o tšepile lentsoe la hae.
Moea oa ka o lebella Morena
ho feta balebeli ba lebellang meso.
MOHAU O TENG HO MORENA, LE MATLA A HO LOPOLLA A MANGATA HO EENA.
Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Luka. (11:47-54)
“Moloko ona o tla botsoa mali a baprofeta bohle, ho qala ka mali a Abele ho isa maling Zakaria.”
Ka nako eo, Jesu a bua le Bangoli le Bafarisi, a re: Ho malimabe lona ba ahelang baprofeta mabitla, athe ke bo-ntat’a lona ba ba bolaileng. Ruri le paka hore le lumellana le mesebetsi ea bo-ntat’a lona; efela ke bona ba ba bolaileng, ‘me lona le aha mabitla a bona.
Ka baka leo Bohlale ba Molimo bo itse: Ke tla ba romela baprofeta le baapostola, ‘me ba tla bolaea ba bang ba bona, ba hlorise ba bang; họ tle ho batloe molokong ona malị a baprofeta bohle, a ileng a tšolloa ha e sa le lefatše le thehiloe, ho qala kạ mali a Abele ho isa maling a Zakaria ea ileng a bolaeloa pakeng tsa aletare le Tempele. E, ke re ho lona: a tla botsoa moloko ona.
Ho malimabe lona, baruti ba Molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo! Lona ha lea ka la kena, ‘me le thibetse ba neng ba leka ho kena.
Ha a nts’a bolela tseo, Bafarisi le baruti ba Molao bạ qala ho itšema bora le ho mo khathatsa ka lipotso tse ngata, ba mo cheha ‘me ba leka ho tšoara taba e tsoang molomong oa hae.
