Vinkmag ad

O hlomola pelo

Mosuoe-Hlooho oa Sekolo sa Mathomo sa Motsekuoa, Mofumahali ‘Matšele Hlopho o ipilelitse ho Lekala la Thuto le Koetliso le ho Kereke e Katholike ho ekeletsoa litichere sebakeng sa ho thusa le ho matlafatsa thuto ea bana bohle ba nang le bokooa ka mefuta ea bona. Sena o se buile ketekelong ea ho tšoaea Beke ea Machaba ea Bana ba nang le Bokooa ba Kutlo le Puo, e neng e tšoaretsoe Motsekuoa Setekereng sa Mafeteng ka la 18 Loetse 2025.

Puong ea hae o boletse hore kopo ea hae ea ho ekeletsoa litichere e qalile ka selemo sa 2019 h’a qala ho amohela ngoana oa pele ea neng a e-na le bokooa, ‘me le ho fihlela kajeno ho ntse ho e-s’o be le thuso ea letho ho tsoa ho Lekala la Thuto kapa Kereke. A re qholotso e kholo eo ba kopanang le eona hajoale ke hore lenane la bana le eketsehile kaha tichere e le ‘ngoe ea Grade 1 e ruta bana ba 96, ‘me kahare ho bana bao ke bana ba bararo ba nang le bokooa ba kutlo le puo.

“Ngoana a le mong ea bang le bokooa o lekana le bana ba supileng, ha a le mong ea nang le bokooa ba kelello a lekana le bana ba 10. U se u ka ikutloela hore na tichere ena e tšoere boima bo bokae. Ke mathile hohle Lekaleng la Thuto le ho ba ikarabellang litabeng tsa thuto Kerekeng ea heso e Katholike, empa ha ho nko ho tsoa lemina. Sello sa tsuonyana ha se hlomole phakoe!” Ke eena eo a bile a eketsa ka hore boteng ba bana sekolong ha se ho tla eketsa lenane empa sepheo se seholo sa bona ke ho fa bana thuto ea boleng, e tla tlisa liphetoho bophelong ba bona, “empa ba tla e fumana joang tlasa maemo a sithabetsang pelo tjee?”

A tiisa hore le maemong ona ana a boima ao Lekala la Thuto le Kereke li ntseng li e-s’o arabele seboko sa bona sa nako e telele, ba tla tsoelapele ho amohela bana bohle ba nang le bokooa ka mefuta ea bona hobane lerato le thahasello e kholo ea bona ke ho tlisa liphetoho bophelong ba bona kaha e le karolo ea bohlokoa haholo ea sechaba.

A ipiletsa ho bohle ba fuoeng boikarabello litabeng tsa thuto ho sheba Sekolo sa Mathomo sa Motsekuoa ka leiho la mohau kaha e le se seng sa likolo tse teng kahare ho naha tse ileng tsa arabela molao oa 2018, o neng o re bana bohle ba nang le bokooa ba fuoe thuto joaloka bana bohle.

A bontša hore ka thoko ho bana ba nang le bokooa ba ntseng ba kena likolo, ho ntse ho e-na le batho ba baholo ba nang le bokooa kahare ho metse. A kopa hore ba se khetholloe empa ba kenyeletsoe mesebetsing e fapakaneng ea sechaba e le hore le bona ba tsebe ho phela. A qetella ka ho khothaletsa bohle ho ithuta puo ea matsoho kaha e le bohlokoa haholo ho feta lipuo tsohle tse teng lefatšeng. A leboha bohle ba kentseng letsoho ka mekhoa e fapakaneng ho atlehisa mokete ona.

H’a bua lebitsong la Mookameli oa Thuto Seterekeng sa Mafeteng Mofumahali ‘Malehlohonolo ‘Moleli o itse Lekala la habo le etse hloko haholo taba ea thuto ea bana kahare ho naha, haholo-holo ba nang le bokooa, ‘me moo e bang lintho li lieha ho tsamaea kapa li tsamaea butle ke hobane liphaka li sa fokola. A re morero o moholo ke ho ntlafatsa thuto ea bana ba nang le bokooa. E le ho netefatsa litaba tsena, o ile a etsa mohlala ka melao e seng e fetile ka paramenteng molemong oa ho tla ntlafatsa bophelo ba bana.

A re o utloisisa hantle boima boo litichere li bo tšoereng ha feela li sa tsebe puo ea matsoho, ‘me a khothaletsa hore puo ea matsoho e buoe letsatsi ka leng e le hore sechaba se tsebe ho e utloisisa le ho e tseba. A etsa tlhokomeliso ho sechaba hore bana bohle ba nang le bokooa ba lokela ho ratoa le ho tšoaroa joaloka bana bohle ba bopiloeng ke Morena Molimo.

Lebitsong la Kereke e Katholike, Fr. Clement Motlaopa OMI o entse kopo e khethehileng ho ba Lekala la Thuto Seterekeng sa Mafeteng ho ekeletsoa litichere likolong tse tlil’o ruta bana ba nang le bokooa, ho lokisetsoa litsela sebakeng sa ba tsamaeang ka likoloeana ha ba ea likolong le ho lokisetsoa matloana a boithuso a boemo ba bona.

A re litichere tse teng hajoale li se li ntse li kene kahar’a mosebetsi o boima, ‘me likolong ho hlokahala tse rupetsoeng sebakeng sa ho tseba ho tla rupela bana ba nang le bokooa. A re ba bang b’a qeta Likolong tsa Mathomo, ‘me ba lokela ho fetela ho tse Phahameng. “Ba tlil’o ea likolong life? Hobane ha b’a lokisetsoa likolong tseo?” Ho botsa Fr. Motlaopa a bile a kopa Naha ea Lesotho ka Lekala la Thuto ho ela hloko le ho baballa sechaba sa Morena Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Loetse 2025

Read Next

La 20 Loetse 2024

Most Popular