Vinkmag ad

La 11 Mphalane 2025

Beke ea 27 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Joele. (3:12-21)

“Akhelang sekele, lijalo li butsoitse.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Lichaba li ke li lule teng ho ahlola lichaba tse hlahang ka nqa tsohle. Akhelang sekele, lijalo li butsoitse; tlohong le tlhotle morara, setlhotlelo se tletse, linkho li’a khaphatseha, bokhopo ba lichaba bo boima. Matšoele-tšoele a leba Khohlong ea Kahlolo, hobane ka Khohlong ea Kahlolo letsatsi la Morena le haufi.

Letsatsi le khoeli li’a fifala, le linaleli li khaotsa ho phatšima. Morena o puruma Sione, lentsoe la hae le thoathoaretsa a le Jerusalema, maholimo le lefatše li’a reketla, empa Morena ke setšabelo sa sechaba sa hae, ke qhobosheane ea bana ba Israele.

Le tla tseba hore ke ‘na Morena Molimo oa lona, ea ahileng Sione, thabeng e halalelang ea ka. Jerusalema e tla ba qalo e halalelang, eo balichaba ba sa tl’o feta ho eona.

Tsatsing leo, lithaba li tla rotha veine e ncha, maralla a kolle lebese; linokana tsohle tsa Juda li tla tlala metsi, ‘me seliba se tla kopotsa Tlung ea Morena, se noesetse Khohlo ea Shittime.

Egepeta e tla fetoha nahathothe, Edomo e be lefeella le se nang motho, hobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tšolotse mali a se nang molato naheng ea bona.

Empa Juda e tla ‘ne e be le baahi kamehla, le eona Jerusalema e be le bona ka meloko le meloko. “Ke tla phetetsa mali a bona, nke ke ka tlohela a sa phetetsoa;” hobane Morena o ahile Sione.

PESALEMA 96

LONA BA LOKILENG ITHABELENG KA MORENA.

Morena ke khosi, lefatše le ke le nyakalle,

le tsona lihleke-hleke tsohle li thabe.

O potiloe ke maru a matšo-matšo,

toka le molao ke motheo oa terone ea hae.

LONA BA LOKILENG ITHABELENG KA MORENA.

Lithaba li qhibiliha joaloka boka

pel’a Morena oa lefatše lohle.

Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,

‘me lichaba tsohle li bona letlotlo la hae.

LONA BA LOKILENG ITHABELENG KA MORENA.

Ea lokileng o chabeloa ke leseli,

thabo e hasanngoa har’a ba pelo li ntle.

Lona ba lokileng, ithabeleng ka Morena,

‘me le boke lebitso le halalelang la hae.

LONA BA LOKILENG ITHABELENG KA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:27-28)

“Ho lehlohonolo popelo e ileng ea u jara. Ho lehlohonolo ho feta ba utloang lentsoe la Molimo.”

Ka nako eo, Jesu ha a nts’a bua le matšoele, mosali e mong a phahamisa lentsoe a le har’a letšoele, a re ho eena: Ho lehlohonolo popelo e ileng ea u jara, le matsoele ao u a antseng. Empa Jesu a re: Koana ba lehlohonolo ho feta, ke ba utloang lentsoe la Molimo, ba bile ba le boloka.

Vinkmag ad

Read Previous

Likatola e’a terekoa

Read Next

LHDA e fana ka litlaleho

Most Popular