Vinkmag ad

La 8 Mphalane 2025

Beke ea 27 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jonase. (4:1-11)

“U qenehetse setlama sena, joale u re ‘na ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo?”

Ka nako eo, Jonase a utloa bohloko hampe; a halefa. A rapela Morena, a re: “Morena, ana seo ha se seo ke se boletseng ke sa le lefatšeng la heso? Ke ka hona ke ileng ka balehela Tarshishe, hobane ke ne ke tseba hore u Molimo ea mosa, ea lereko, ea nang le mamello, ea mohau o moholo, ea fetolang morero oa hae oa ho otla. Joale, Morena, u mp’u nkamohe bophelo, hobane ho molemo ho ‘na ho shoa ho e-na le ho phela.”

Empa Morena a re: “Na ke hantle ha u halefile tjee?” Eaba Jonase o tsoa motseng, a ea lula ka nq’a Bochabela ho oona. A ikhahela lephephe hona teng, a lula moriting oa lona, hore a tle a bone se tla oela motse. Ke ha Morena Molimo a melisa setlama se mahaba; sa hola, sa phahamela Jonase ho etsetsa hloho ea hae moriti le ho mo lebatsa bohloko. Jonase a thaba haholo ka baka la setlama sena. Empa ka le hlahlamang, ha bo e-sa, Molimo a romela seboko, sa phunya setlama se bileng sa omella,

Eare ha letsatsi le chaba, Morena a tsosa moea o chesang o hlaha Bochabela, ‘me letsatsi la bataola Jonase hlohong; a ba a akheha, a itakaletsa lefu, a re: “Ho molemo ho ‘na ho shoa ho e-na le ho phela.”

Molimo a re ho Jonase: “Na ke hantle ha u halefile ka baka la setlama see?” A araba, a re: “Ke hantle ha ke halefile hoo nka shoang.” Morena a fetola, a re: “Uena u qenehetse setlama sena, se sa u qosang mosebetsi oa letho, seo u sa se melisang, se itlhahetseng ka bosiu bo le bong, sa ba sa ichoella ka bosiu bo hlahlamang.

Joale u re ‘na ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekholo le mashome a mabeli a likete, ba sa tsebeng ho khetholla letsoho la bona le letona ho le letšehali, o bileng o nang le likhomo tse ngata hakaalo!”

PESALEMA 85

MORENA U TLETSE MOHAU LE ‘NETE.

U nkhauhele, Morena, Molimo oa ka,

hobane ke hoeletsa ho uena tsatsi lohle.

Thabisa pelo ea mohlanka oa hau,

hobane ke nyollela pelo ea ka ho uena, Morena.

MORENA U TLETSE MOHAU LE ‘NETE.

Ruri uena, Morena, u molemo, u’a tšoarela,

u tletse mohau ho bohle ba u rapelang.

Morena, sekehela thapelo ea ka tsebe,

u ele lentsoe la thapeli ea ka hloko.

MORENA U TLETSE MOHAU LE ‘NETE.

Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla tla,

li tl’o itihela fatše ka pele ho uena, Morena,

li tlotlise lebitso la hau.

Hobane u moholo, u etsa tse tsotehang,

ke uena Molimo u inotši.

MORENA U TLETSE MOHAU LE ‘NETE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:1-4)

“Morena, u re rute ho rapela.”

Ha etsahala hore Jesu a rapele qalong e ‘ngoe, ‘me ha a qetile, e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: Morena, u re rute ho rapela, joalokaha Joannes a rutile barutuoa ba hae. Jesu a re ho bona: Ha le rapela le n’o re:

Ntate, lebitso la hau le halaletsoe, ‘muso ua hau o tle. U re fe, ka matsatsi ‘ohle bohobe ba rona ba letsatsi le leng le le leng; u re tšoarele libe tsa rona, hobane le rona re tšoarela bohle ba re sitetsoeng; ‘me u se ke ua lumella hore re oele molekong.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Mphalane 2025

Read Next

La 9 Mphalane 2025

Most Popular