Sehopotso sa Vincent oa Paul ea Halalelang, Moprista.
Beke ea 25 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Zakaria. (2:1-5.10-11)
“Ke ‘na eo, ke tlil’o aha ka hare ho uena.”
Ha ke phahamisa mahlo, ka bona pono. E n’e le motho ea tšoereng khoele e methang. Ka ‘motsa, ka re: U ea kae? A araba, a re: Ke il’o metha motse oa Jerusalema, ho bona hore na bophara ba oona bo bokae, le botelele ba oona bo bokae. Eare ha lenyeloi lena le neng le ntse le bua le ‘na le atamela, lenyeloi le leng la fihla ho tla le khahlametsa, ‘me la re ho lona: Matha, u e’o bolella mohlankana eane, u re: Batho ba tla phela Jerusalema joaloka motseng o se nang marako, ka baka la bongata bo har’a eona ba batho le liphoofolo. Ke ‘na ea tla ba ho eona lerako le e pota-potang la mollo, ho rialo Morena, ke tla ba letlotlo la eona le ka har’a eona.
Hlaba molilietsane, u ithabele, uena morali oa Sione, hobane ke ‘na eo, ke tlil’o aha ka hare ho uena, ho rialo Morena. Tsatsing leo, lichaba tse ngata li tla khomarela Morena, e tla ba sechaba sa hae, empa eena o tla ‘ne a ahe ka hare ho uena. Ka hona u tla tseba hore ke Morena oa makhotla ea nthometseng ho uena.
PESALEMA (Jer. 31:10-13. R. 10)
MORENA O TLA RE LISA JOALOKA MOLISA A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Lona lichaba mamelang lentsoe la Morena,
le le phatlalletse lihleke-hleke tse hole.
Le re: Ea qhalantseng Israele oa mo phutha,
‘me o mo lisa
joaloka molisa a lisitse mohlape oa hae.
MORENA O TLA RE LISA JOALOKA MOLISA A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Hobane Morena o lopolotse Jakobo,
o mo namoletse matsohong a ea mo fetang ka matla.
Ba tla tla ka litlatse tsa thabo thabeng ea Sione,
ba tla mathela ho tse molemo tsa Morena,
e leng koro, veine le oli, likonyana le manamane.
MORENA O TLA RE LISA JOALOKA MOLISA A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Ke moo baroetsana ba tla thabela metjeko,
bahlankana le maqheku ba nyakalle.
Ke tla fetola bofifi ba bona thabo,
ke ba tšelise, ke ba thabise bohlokong ba bona.
MORENA O TLA RE LISA JOALOKA MOLISA A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9:44-45)
“Mor’a motho o tla neheloa liatleng tsa batho. Ba tšaba ho ‘motsa ka polelo eo.”
Ka nako eo, ha batho bohle ba ntse ba makaletse tsohle tseo Jesu a neng a li etsa, eena a re ho barutuoa ba hae: Bolokang polelo ena lipelong tsa lona: Mor’a motho o tla neheloa liatleng tsa batho.
Empa bona ha ba ka ba utloisisa polelo eo; e ne e siretsoe ho bona, hoo ba sa kang ba utloisisa hore na e re’ng: ‘me ba ne ba tšaba ho ‘motsa ka polelo eo.
