Vinkmag ad

La 26 Loetse 2025

Beke ea 25 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Haggai (2:1-10)

“Ho se hokae ke tla tlatsa Tempele ena ka letlotlo.”

Ka selemo sa bobeli sa puso ea khosi Dariuse, tsatsing la mashome a mabeli a motso o mong khoeling ea bosupa, lentsoe la Morena la tla ka moprofeta Haggai, la re: Bolella ‘musi oa Juda, Zorobabele mor’a Shealthiele, le moprista e moholo, Joshua mor’a Jehosadake, le masalla a sechaba sa ka, u re:

Ke mang har’a lona ea ntseng a phela, ea kileng a bona tempele ee e sa ntse e le letlotlong la eona la pele? Le e bona e le joang kajeno? Na ho lona ha e bonahale e se letho?

Empa joale, khothahala, uena Zorobabele, ho rialo Morena; khothahala, uena Joshua, moprista e moholo, mor’a Jehosadake; khothalang, le lona sechaba sohle sa naha ena, ho rialo Morena; sebetsang, hobane ke na le lona, ho rialo Morena oa makhotla, ho latela pallo eo ke neng ke le etsetse eona ha le e-tsoa Egepeta. Moea oa ka o teng har’a lona; se tšabeng!

Ke sena seo Morena oa makhotla a se bolelang: Ho se ho se hokae, pele ke sisinya maholimo le lefatše, leoatle le mobu o ommeng. Ke tla sisinya lichaba tsohle, e le hore matlotlo a lichaba tsohle a tle a tlisoe mona, ‘me ke tlatse Tempele ena ka letlotlo, ho rialo Morena oa makhotla. Silvera ke ea ka, le gauda ke ea ka, ho rialo Morena oa makhotla.

Letlotlo la Ntlo ena le tla ba leholo, le fete la ea pele, ‘me ke tla hloma khotso qalong ena, ho rialo Morena oa makhotla.

PESALEMA 42

TŠEPA MOLIMO. KE TLA ‘NE KE PHATLALATSE HORE KE EENA MOPHOLOSI LE MOLIMO OA KA.

Mpuelle, oho Molimo,

nkahlolele ho batho ba se nang mohau;

u ntopolle ho molotsana le mothetsi.

Setšabelo sa ka ke uena Molimo, u ntahlela’ng?

Ke tsamaela’ng ke hlonama

ka baka la ho hatelloa ke sera?

TŠEPA MOLIMO. KE TLA ‘NE KE PHATLALATSE HORE KE EENA MOPHOLOSI LE MOLIMO OA KA.

Romela leseli le ‘nete ea hau ho ntsamaisa,

le ho nkisa thabeng e halalelang ea hau,

meahong ea hau.

Ke tla fihla aletareng ea Molimo,

Molimo eo eleng thabo ea ka.

TŠEPA MOLIMO. KE TLA ‘NE KE PHATLALATSE HORE KE EENA MOPHOLOSI LE MOLIMO OA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (9:18-22)

“U Kriste oa Molimo. E ka khona Mor’a motho a hlokofatsoe haholo.”

Ka nako eo, ha Jesu a ntse a rapela a inotši, barutuoa ba hae ba tla ho eena. Eaba oa ba botsa, o re: Ana matšoele a re ke mang? Ba araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia; ba bang hape ba re e mong oa baprofeta ba khale o tsohile bafung.

Jesu a re ho bona: Joale lona, le re ke mang na? Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste oa Molimo. Empa eena a ba laea, a ba laela hore ba tle ba se ke ba bolella motho hona, a re: E ka khona Mor’a motho a hlokofatsoe haholo, a lahloe ke baholo, baprista ba baholo le bangoli, a bolaoe, ‘me a tsohe bafung ka letsatsi la boraro.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Loetse 2025

Read Next

Likolo li keteka bochaba

Most Popular