Vinkmag ad

La 10 Loetse 2025

Laboraro

Beke ea 23 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (3:1-11)

“Le shoele hammoho le Kriste; timetsang litakatso tsa lona tsa lefatše.”

Bana beso! Ere ka ha le tsohile hammoho le Kriste, batlang tse holimo, moo Kriste a leng bophahamong bo lekanang le ba Molimo. Inahaneng ka tse holimo, e seng ka tse lefatšeng. Hobane le shoele, ‘me joale bophelo ba lona bo patehile hammoho le Kriste ho Molimo. Etlare mohla Kriste a bonahatsoang, eena eo e leng bophelo ba lona, ke moo le lona le tla bonahatsoa, hammoho le eena, le apere khanya.

Ha ho le joalo, timetsang litakatso tsa lona tsa lefatše, e leng bohlola, litšila, bokhopo, litakatso tse mpe le bokhonatha, e leng tšebeletso ea melimo ea bohata. Tsena ke tseo ka baka la tsona khalefo ea Molimo e oelang batho ba sa mo mameleng. Mehleng e fetileng, le lona le ne le latela tsela ena, ha le ne le ntse le phela har’a batho ba mofuta oo.

Empa joale, le lahle tsena tsohle: khalefo, bohale le bobe. Bonyefoli le lipolelo tse lihlong li be sieo melomong ea lona. E mong a se ke a bolela leshano ho e mong. Hlobolang motho oa khale hammoho le liketso tsa hae, ‘me le apare e mocha, ea nchafatsoang tsebong ka ho tšoana le ea ‘Mopi oa hae. Moo, ha ho Mogereke kapa Mojodi, ea bolotseng kapa ea sa bollang, molichaba le o sele, lekhoba kapa molokolohi. Empa Kriste ke tsohle, Kriste o ho bohle.

PESALEMA 144

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Ke tla u boka ka matsatsi ‘ohle,

ke rorise lebitso la hau kamehla le mehla.

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso eohle,

boholo ba hae bo sitoa ho lekanngoa.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hau e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,

e ke e bolele matla a hau.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Ho tsebisa bana ba batho matla a hau,

letlotlo le botumo ba puso ea hau.

Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:20-26)

“Le lehlohonolo, lona bafumanehi. Ho malimabe lona barui.”

Ka nako eo Jesu a lebisa mahlo ho barutuoa ba hae ‘me a re: Le lehlohonolo, lona bafumanehi, hobane ‘Muso oa Molimo ke oa lona. Le lehlohonolo, lona ba lapileng hajoale, hobane le tla khora. Le lehlohonolo, lona ba llang hajoale, hobane le tla tšeha.

Le tla ba lehlohonolo ha batho ba le hloea, ba le leleka, ba le hlapaola, ba nena lebitso la lona ka ho re le lebe, ka baka la Mor’a motho. Thabang tsatsing leo ‘me le nyakalle, hobane moputso oa lona o hlile o moholo leholimong. Bo-ntat’a bona ba ne ba etsa tse joalo ho baprofeta.

Empa ho malimabe lona barui, hobane le se le fumane tšeliso ea lona. Ho malimabe lona ba khotšeng hajoale, hobane le tla lapa. Ho malimabe lona ba tšehang hajoale, hobane le tla lla, le bokolle. Ho malimabe lona ha batho ba le rorisa, hobane bo-ntat’a bona ba ne ba etsa tse joalo ho baprofeta ba leshano.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Loetse 2025

Read Next

La 11 Loetse 2025

Most Popular