Vinkmag ad

La 9 Loetse 2025

MOKETE OA PETER Claver ea Halalelang, Moprista.

Labobeli

Beke ea 24 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (2:6-15)

“Molimo o le tsositse ‘moho le Kriste ka ho le tšoarela libe tsohle.”

Bana beso! Joalokaha le amohetse Morena Jesu Kriste, le ke le phele kopanong le eena; metso ea bophelo ba lona e be ho eena, e be eena motheo oa bona, ‘me le tiee tumelong ka mokhoa oo le rutiloeng ka oona, le ntse le e-na le teboho e tletseng. Hlokomelang e se re mohlomong la etsoa makhoba ke motho ea le thetsang ka mafeela-feelane a bohlale ba botho, ka ho ea ka thuto tsa batho le ka lintho tsa lefatše, e seng ka Kriste.

Hobane Bomolimo bo tletseng bo ahile ho Kriste, bothong ba hae, ‘me le fumane tsohle ho eena eo e leng hloho ea meea eohle e nang le borena le puso. Hape ke ho eena le bololitsoeng, e seng ka lebollo le etsoang ke batho, empa ka ho hlobolisoa ‘mele oo e leng oa botho feela: Ke lona lebollo la Kriste.

Le epetsoe le Kriste hlatsuong, eo ho eona le bileng le tsositsoeng ‘moho le eena, ka ho lumela matla a Molimo ea ileng a mo tsosa bafung. Le ne le shoele ka baka la libe tsa lona le bohetene ba lona. Empa joale Molimo o le tsositse ‘moho le Kriste ka ho le tšoarela libe tsohle. O hlakotse lengolo la molato oa litaelo, le neng le re tlama, le re qosa; ‘me a le tlosa ho rona ka ho le khokhothella sefapanong. Ka sona Kriste a amoha meea eo e nang le borena le puso matla a eona, a bontša pepeneneng hore o e hlotse.

PESALEMA 144

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Ke tla u phafa, Molimo oa ka, uena khosi,

ke boke lebitso la hau kamehla le mehla.

ke tla u boka ka matsatsi ‘ohle, ke rorise lebitso

la hau kamehla le mehla.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Morena o mohau, o mosa,

o lieha ho halefa, o mehauhelo e mengata.

Morena o molemo ho bohle,

o hauhela mesebetsi eohle ea hae.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hau e ke e u boke,

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,

e ke e bolele matla a hau.

MORENA O MOLEMO HO BOHLE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:12-19)

“A qeta bosiu bohle a ntse a rapela. A khetha ba leshome le metso e ‘meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola.”

Ka nako eo, Jesu a ikela thabeng ho ea rapela ‘me a qeta bosiu bohle a ntse a rapela Molimo. Eitse ha le chaba, a bitsa barutuoa ba hae, ‘me har’a bona a khetha ba leshome le metso e ‘meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola, e leng Simone, eo a mo rehileng Peterosi, le Andreas ngoan’abo, Jakobo le Joannes, Filipi le Bartholome, Matheus le Thomas, Jakobo mor’a Alfea le Simone ea bitsoang Mochesehi, Juda mor’a Jakobo le Judase Iskariota, eo e bileng moeki.

Eaba o theoha le bona, a ema motsitseng le bongata ba barutuoa ba hae, le letšoele le leholo la batho ba tsoang Judea eohle le Jerusalema le lebopong la leoatle la Tire le la Sidone, ba neng ba tlile ho mamela le ho folisoa maloetse a bona. Ba tšoenngoang ke meea e litšila ba ne ba folisoa. Letšoele lohle le ne le rata ho mọ ama, hobane matla a tsoang ho eena a ne a folisa bohle.

Vinkmag ad

Read Previous

E tšoaea bakokoti

Read Next

La 10 Loetse 2025

Most Popular