Beke ea 20 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Baahloli. (2:11-19)
“Morena a ba behela baahloli, empa ba hana ho ba mamela.”
Matsatsing ao, Bana ba Israele ba etsa bobe mahlong a Morena, ‘me ba sebeletsa bo-Baale. Ba furalla Morena, Molimo oa bo-ntat’a bona, ea neng a ile a ba ntša naheng ea Egepeta, ‘me ba latela melimo e sele, e leng melimo ea lichaba tse ba pota-potileng, ba e khumamela, ka hoo ba halefisa Morena. Ba furalla Morena, ‘me ba sebeletsa Baale le bo-Ashtarte.
Morena a halefela ba-Israele hampe-mpe, a ba nehella lisenyi tse ileng tsa ba senyetsa, a ba lesella matleng a lira tsa bona tse ba likileng, hoo ba sitiloeng le ho tšoarella feela. Ntoeng efe le efe eo ba neng ba e loana, letsoho la Morena le ne le ba lahlile kherehloa, ho latela kamoo Morena a neng a ile a ba bolella a ba a ba hlapanyetsa kateng; eaba ba ba tsietsing e tšabehang.
Morena a ‘na a ba behela baahloli, ba ileng ba ba namolela matsohong a ba ba senyetsang. Empa le teng, ba hana ho mamela baahloli ba bona, ba itšilafatsa ka melimo e sele, ba e khumamela; ba phakisa ba kheloha tsela eo bo-ntat’a bona ka ho mamela litaelo tsa Morena, ba neng ba tsamaea ka eona. Ha e le bona ba se ke ba etsa joalo.
E ne e ee e re ha Morena a ba behetse baahloli, Morena o n’a ee a emele moahloli ka mong, a ba pholose matsohong a lira tsa bona tšiung tsohle tsa moahloli eo; hobane Morena o n’a nts’a hauha h’a utloa lipoboli tsa bona ha ba tujoa ke bahlorisi ba bona. Empa kamor’a lefu la moahloli ba ne ba ee ba boele mekhoeng e mebe le ho feta ea bo-ntat’a bona, ba ne ba ee ba latele melimo e sele, ba e sebeletse ‘me ba e khumamele, ba ngangeletse ho se lahle letho la liketso le la metsamao ea bo-ntat’a bona.
PESALEMA 105
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTšA LERATO LA HAU HO SECHABA SA HAU.
Ha ba ka ba felisa lichaba,
leha Morena a ne a ba laetse joalo;
ba mpa ba itsoakanya le bahedene,
ba itloaetsa mekhoa ea bona.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTšA LERATO LA HAU HO SECHABA SA HAU.
Ba sebeletsa le melimo ea bona ea bohata,
e bileng leraba le ba tšoasang.
Ba etsetsa bademone mahlabelo
ka bara le barali ba bona.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTšA LERATO LA HAU HO SECHABA SA HAU.
Ba itšilafatsa ka mesebetsi ea bona,
ba feba ka liketso tsa bona.
Khalefo ea Morena ea tlokela sechaba sa hae,
a nyonya ba lefa la hae.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTšA LERATO LA HAU HO SECHABA SA HAU.
A ba pholosa khafetsa,
empa bona ba ikhantšetsa merero ea hae,
ba tetebela phosong ea bona.
Leha ho le joalo,
a ‘na a talima matšoenyeho a bona,
ha a utloa sello sa bona.
U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTšA LERATO LA HAU HO SECHABA SA HAU.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:16-22)
“Ha u rata ho phetheha, u rekise lintho tsa hau, ‘me u tla ba le leruo maholimong.”
Ka nako eo, motho e mong a atamela, a re ho Jesu: Moruti ea molemo, ke tla etsa eng e molemo hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng na? Jesu a araba a re: U mpotsetsa’ng mabapi le se molemo na? Ea molemo o mong: ke Molimo. Ha u rata ho kena bophelong, boloka melao.
A re ho eena: Efe na? Jesu a re: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua fana ka bopaki ba bohata, hlonepha ntat’ao le ‘m’ao; hape: u rate le oa heno joalokaha u ithata. Mohlankana a re ho eena: Tsena tsohle ke li bolokile ho tloha bonyenyaneng ba ka; joale ke sa haelloa ke’ng?
Jesu a re ho eena: Ha eba u rata ho phetheha, e-ea, u rekise lintho tsa hau, u fane ho mafutsana, ‘me u tla ba le leruo maholimong; u ntan’o tla, u ntatele.
Eitse hoba mohlanka a utloe lentsoe leo, a tsamaea a soabile; hobane o n’a e-na le maruo a mangata.
