Sehlopha sa Macecilia a ‘Mishone oa ‘Mamohau Tikolohong e Kholo ea Maseru, se ntšitse CD e ncha ea boraro e le ho ntšetsa pele mosebetsi oa bona o babatsehang kahar’a Kereke ea Morena Molimo oa ho kenya letsoho kholisong ea ‘Mishone oa ‘Mamohau le ho hohela bakriste ho kena kereke ba sebelisa thapelo. Morero e boetse ke ho hlabolla le ho folisa bohle ba imetsoeng ka lipina tsa bona tse mathemaloli.
E ntse e le ka morero oa ho thusa kereke ea bona hore e hole le ho matlafatsa borapeli, ba ile ba ntša CD ea bona ea pele ka selemo sa 2015, e neng e bitsoa ‘Thapelo ea Khotso,’ ‘me ka sa 2019 ba ntša e bitsoang ‘Lenyeloi la Morena.’ Ka morero o tšoanang selemong sena ba ntšitse ea boraro e bitsoa ‘O moprista ka bosafaleng,’ ‘me ba ile ba qapa pina ena nakong eo ho neng ho behoa Fr. Dionysius Matekane OMI Bopristeng bo Halalelang. Setlabolane sena secha se na le lipina tse 12 tse monate ka ho fetisisa.
Puisanong le seqapi ebile e le e mong oa libini tsa Macecilia a ‘Mamohau, Monghali Mathatela Ntsatsi o boletse hore se phuthetsoeng ke setlabolane sena se secha taba-kholo ke thapelo le bolumeli. Ke ka hona kahar’a sona ba nang le pina e reng ‘Kea u rapela hobane u Molimo,’ “eo re neng re hlile re nka matla linthong tsohle tseo re li etsang, re sa tsamae feela empa re ntse re tataisoa ke Morena Molimo ka sebele.”
O re pina e ‘ngoe ea thapelo e ratoang haholo letlapeng lena la bona le lecha ke e bitsoang ‘Ahe Maria’ eo ka eona ba rutang le ho hlokomelisa sechaba sa Morena Molimo hore kamehla ha ho le thata bophelo bo le boima, ba lokela ho bitsa ho Maria Movirigo ‘m’a rona. “Ho eona re qotsitse ha nyenyane thapelo ea Maria Movirigo e reng ‘O Letlotlo la Israele.’ Ho tloha mona re na le pina e fupeng nalane ea ba Bohlale ba Bochabela, ha ba ne ba fumana molaetsa oa hore re tla tsoalloa mopholosi o tla bitsoa Jesu Kriste.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore molaetsa oa pina ena o tloha ho ba Bohlale ba Bochabela ho ea fihla ho Morena Heroda.
A tsoelapele ho bontša hore ba boetse ba na le DVD, empa ha ba e-s’o e ntše kaha ba ntse ba bokeletsa mekhoa ea ho fumana lichelete. A etsa kopo ho batho bohle ba boithatelo bo botle ho etsa letsoho la monna. A tiisa hore taba-tabelo ea bona ke ho bona Kereke ea habo bona e se e le kholo e bitsoa Parish, ‘me hona joale ka tšebelisano ‘moho e mofuthu le likopano le phutheho eohle ea bakriste ba letšolong la ho phethela ntlo ea moprista e kenyeletsa le liofisi tsa Kereke. A qetella ka ho ipiletsa ho batho bohle ho ba tšehetsa ka ho reka CD le flash drive ea lipina tsena tse ncha. A re ba ntse ba hlophisa hore ba tla tla e khakola ka la 30 Loetse monongoaha.
