Vinkmag ad

Young Oblates e’a itlhahloba

Litho tsa Kopano ea Maoblata a lilemo li ka tlaase ho tse tšeletseng e le baitlami le baprista, ba tsejoang ka lebitso la Young Oblates ba bile ‘mokeng oa selemo le selemo oa matsatsi a mararo, Setsing sa Liboka sa Maoblata Mazenod, ka morero oa ho itlhahloba le ho itokisetsa leeto la ho ea sebokeng se seholo se tlang ho tšoareloa Naheng ea Namibia ka la 25 Loetse ho isa la 5 Mphalane 2025.

Puisanong le Molula-Setulo oa Komiti ea Young Oblates, Fr. Paul Bohloa OMI o boletse hore ‘moka oa bona oa monongoaha o ne o hlile o reretsoe ho itlhophela ‘moka o moholo oa Young Oblates ba Tikoloho ea Afrika e ka Boroa o tlil’o ba Namibia. A re litho tse neng li kenetse ‘moka ona li bile 18 ka kakaretso, le hoja ba bang ba ne ba o kene ka tšebeliso ea marang-rang.

O supile hore boitokisong ba bona ba ile ba hlahlelloa ka malebela ke Fr. Clement Semethe OMI ea ileng a ba fa thuto mabapi le koetliso ea mathomo, ha ba ntse ba le likolong ho itokisetsa pitso ea bona ea Boprista bo Halalelang hore ke eona e bopang motho hore na e tla ba moprista oa mofuta ofe. A re o ile a ba hlokomelisa hore haele Maoblata thabo le kholo ea bona ba ke ke ba e fumana kantle empa kahare ho Kopano ea bona. A ba khothatsa le ho ba khothaletsa hore ba lokela ho lula e le baprista ba thabileng kamehla le ho thabela sebaka seo ba leng ho sona.

Fr. Bohloa a boetse a bontša moeti e mong oa bohlokoa e bile Dr. Augustinus Khoabane eo eena a ileng a ba hlahlella ka mekhoa ea ho ipaballa le ho itlhokomela ho qoba mafu a ka ba hlahelang. A re o ile a ba khothaletsa ho lula ba ntse ba ea ngakeng kamehla e seng feela ha ba se ba kula kaha sena se ka ba thusa molemong oa bophelo bo botle.

A re ba ile ba phethela ‘moka ona oa bona ka ho nka leeto ho leba Ha ‘Ma-Jesu, tikolohong ea Roma ho ea okha matla ka ho ea hata mehlaleng ea Fr. Joseph Gerard ea Lehlohonolo eo e leng moapostola oa pele oa Basotho oa Kopano ea Maoblata a Maria ea se nang Sekoli. A re ba boetse ba etela Oblate Scholasticate ka Lefapheng la Polokelo ea Nalane ea Khale moo ba ileng ba ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa le ho etela St. Michaels moo Fr. Gerard ea Lehlohonolo a tlalehoang a ne a atisa ho rapella teng h’a le maetong kapa a feta St. Michaels.   

Ho sa le joalo, bakriste ba Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše ba ketekile ‘moho le Baitlami ba likopano tse fapakaneng, mokete o moholo oa Petrose le Paulosi ba Halalelang o bileng ka Sontaha se tsoa feta. Khothatsong ea hae moketeng on, Fr. Stephen Molefi OMI o hlalositse hore Saole kamor’a hore a  bone Jesu, ho lumela ho eena, ho ba morutuoa oa hae le ho ruta seo Jesu a neng a se ruta o ile a fetoha, ‘me lebitso la hae ea e-ba Paulosi. Ka mokhoa o tšoanang a re Petrose le eena kamor’a hore a bue ‘nete hore na hantle Jesu ke mang, o ile a bitsoa Petrose Letlapa, “‘me holima lona ke tla aha Kereke ea ka ‘me likhoro tsa lihele li ke ke tsa e hlola.”

O boletse hore Petrose kamora ho bitsoa Lefika ke eena molisa ea molemo eo Kereke ea Morena Molimo e ka Lefatše Lohle e ahiloeng holima lona. Ka hona o ile a tlotlisa Morena Molimo ka lefu la hae ka ho tharisoa sefapanong hlooho e shebile tlase maoto a shebile holimo. A re Paulosi ka lebaka la ho ruta thuto eo batho ba neng ba sa e rate le ho e utloisisa, eena o ile a ahloleloa lefu ka ho khaoloa molala ka sabole, ‘me hlooho ea hae e ile ea qhoma ka makhetlo a mararo moo e ileng ea otla teng ho ile ha tsoa metsi, ha ‘mele oa hae o ile oa oela kantle ho marako a Rome moo ho ileng ha ahoa Kereke ea Petrose ea Basilica.

Fr. Molefi o tsoetsepele ho bontša hore joaloka Petrose le Paulosi ba Halalelang re fetohile, re entsoe bana ba Molimo ka Sakramente ea Tlhatsuo, ‘me re ke ke ra tšoana le pele re e-ba libopuoa tse ncha ka Tlhatsuo. A hlokomelisa bakriste hore ke nako ea hore re batle ho tseba hore na Kriste ke mang ka ho ba lipaki tsa hae, ka mekhoa ea rona, metsamao, lipuo, mesebetsi le tsohle tse ntle tseo re ka li etsang.

Vinkmag ad

Read Previous

DBAL e’a ananeloa

Read Next

La 5 Phupu 2025

Most Popular