Vinkmag ad

La 23 Phupu 2025

Laboraro

Beke ea 16 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (16:1-5.9-15)

“Ke tla le nesetsa bohobe bo tsoang leholimong.”

Phutheho eohle ea bana ba Israele ea tloha Elime. Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli ea bobeli kamor’a ho tsoa ha bona Naheng ea Egepeta, ba fihla lefelleng la Sine le leng lipakeng tsa Elime le Sinai. Phutheho eohle ea bana ba Israele ea korotlela Moshe le Aarone lefelleng. Bana ba Israele ba re ho bona: Hoja ra na ra ichoella ka letsoho la Morena fatšeng la Egepeta, re ntse re orile lipitsa tsa nama, re khora bohobe. Athe lona le re tlisitse mona felleng, hore letšoele lena kaofela le tl’o shoa ke tlala.

Eaba Morena o re ho Moshe: Ke tla le nesetsa bohobe bo tsoang leholimong; sechaba se tla tsoela ntle, ‘me ka letsatsi le letsatsi se ipokellele ho lekanang letsatsi. Ke batla ho ba nonya ho bona hore na ba tla tsamaea ka molao oa ka kapa che.

Empa, ka tsatsi la botšelela, ba bokelle ‘me ba phehe ho lekanang le hoa tsatsi le leng le le leng habeli, Moshe a re ho Aarone: E-re ho phutheho eohle ea bana ba Israele: Atamelang pel’a Morena, hobane o utloile ho koma-koma ha lona. Eare ha Aarone a nts’a bua le phutheho eohle ea bana ba Israele, ba retelehela nq’a lefella: Ke ha khanya ea Morena e iponahatsa lerung.

Morena a bua le Moshe, a re: Ke utloile ho luma luma ha bana ba Israele; ba bolelle u re: Mantsiboea le tla ja nama, ‘me ha bo e-sa, le tla khora bohobe ‘me le tla tseba hore ke ‘na Morena, Molimo oa lona. Mantsiboea, likoekoe tsa nyoloha, tsa aparela liahelo, ‘me hoseng phoka e ne e letse e lika-likelitse liahelo. Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, eaba holim’a lebala la nahathothe ho sala ntho e tšesane, e kang litlhakunyana, e tšesane joaloka tšooane holim’a lefatše.

Bana ba Israele ha ba e bona, ba botsana, ba re: Ke’ng hoo? Hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke’ng. Eaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Morena a le nehang bona, hore le bo je.

PESALEMA 77

MORENA A BA FA KORO EA MAHOLIMO.

Ba leka Molimo ka lipelong tsa bona,

ba batla lijo tseo ba li tsoetseng pelo.

Ba bua Molimo hampe, ba re ebe Molimo

a ka hla a re tekela tafole feelleng moo?

MORENA A BA FA KORO EA MAHOLIMO.

Eaba o laela maru a holimo,

a bula menyako ea maholimo;

a ba nesetsa manna ho ba lijo tsa bona,

a ba fa koro ea maholimo.

MORENA A BA FA KORO EA MAHOLIMO.

Batho ba ja bohobe ba manyeloi,

a ba romela lijo ka bongata.

A tsosa moea oa Bochabela sebakeng,

ka matla a hae moea oa Boroa oa foka.

MORENA A BA FA KORO EA MAHOLIMO.

A ba nesetsa nama joaloka lerole,

linonyana joaloka lehlabathe la maoatle.

A li theolela liahelong tsa bona,

tsa tlala kahohle moo ba lulang teng.

MORENA A BA FA KORO EA MAHOLIMO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:1-9)

“Peo e ‘ngoe ea beha tse lekholo.”

Ka nako eo, Jesu a tsoa ka tlung, a ea lula lebopong la leoatle. Eaba matšoele a mangata a mo khobokanela, hoo a bileng a kena sekepaneng, a lula, le letšoele lohle le le lebopong. A bolella batho tse ngata ka lipapiso, a re: Mojali o ne a tsoile ho ea jala. Ha a ntse a jala, peo e ‘ngoe ea oela tseleng, ‘me ha tla linonyana, tsa e ja kaofela. E ‘ngoe ea oela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ea phakisa ea mela, hobane mobu o ne o sa teba. Eare hoba letsatsi le chabe, ea e-cha, ea omella ke ho hloka metso. E ‘ngoe ea oela meutloeng eaba meutloa ea hola, ea e bipetsa. Tse ling tsa oela mobung o motle, ‘me tsa beha. E ‘ngoe ea beha tse lekholo, e ‘ngoe tse mashome a tšeletseng, e ‘ngoe eona tse mashome a mararo. Ea nang le litsebe a ke a utloe!

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Phupu 2025

Read Next

La 24 Phupu 2025

Most Popular