Labotšelela
Beke ea 15 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (12:37-42)
“Bosiung boo, Morena a ntša Israele naheng ea Egepeta.”
Matsatsing ao, Bana ba Israele ba tloha Ramsese, ba ea Sukkothe, e le banna ba litaaso ba likete tse makholo a tšeletseng, ka ntle ho bana. Letšoele le leholo la batho ba mefuta-futa la ea le bona ‘moho le mehlape e meholohali ea likhutšoane le liphoofolo tse ling. Ba pheha liphaphatha tse sa lomosoang tsa hlama eo ba tsoileng Egepeta le eona, hobane e ne e sa ka ea lomosoa. Ba ile ba lelekoa Egepeta, ba hlokisoa le sebaka sa ho iketsetsa mefao.
Nako eo bana ba Israele ba e qetileng Egepeta ebile lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo. Tsatsing le qetellang selemo sa makholo a mane le mashome a mararo, ke lona leo makhotla ‘ohle a Morena a ileng a tsoa naheng ea Egepeta ka lona.
Bosiu boo, ka ha e bile bosiu ba ho falimeha ha Morena, ha a ba ntša naheng ea Egepeta, e ka khona e be bosiu ba ho falimehela Morena, ho bana bohle ba Israele, melokong ea bona.
PESALEMA 135
MOHAU OA HAE KE O SA FELENG.
Bokang Morena, hobane o molemo,
A re hopola ha re ne re nyenyefalitsoe,
A re namolela ho ba re tšoenyang,
mohau oa hae ke o sa feleng.
MOHAU OA HAE KE O SA FELENG.
A otla Ba-Egepeta ka lefu la matsibolo a bona,
mohau oa hae ke o sa feleng.
Ka letsoho le matla le ka sephaka se otlolohileng,
mohau oa hae ke o sa feleng.
MOHAU OA HAE KE O SA FELENG.
A phatlola Leoatle le Lefubelu ka lehare
mohau oa hae ke o sa feleng.
A phosumetsa Faro le mabotho a hae
Leoatleng le Lefubelu,
mohau oa hae ke o sa feleng.
MOHAU OA HAE KE O SA FELENG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (12:14-21)
“A ba laea hore ba se ke ba mo pepesa, hore ho tle ha phethahale se neng se ile sa boleloa.”
Ka nako eo, Bafarisi ba tsoa, ba ea rera kamoo ba ka timetsang Jesu kateng. Ka ho tseba hoo, Jesu a tloha moo. Ba bangata ba mo latela, ‘me a ba folisa bohle, a mpa a ba laea hore ba se ke ba mo pepesa; hore ho tle ho phethahale se neng se ile sa boleloa ke moprofeta Isaia, ha a re:
Ke eo mohlanka oa ka, eo ke mo khethileng, Moratuoa oa ka, eo ke khahliloeng ke eena: ke tla mo sitsa ka Moea oa ka, ‘me o tla phatlalletsa balichaba Tumelo ea ‘nete. A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, ha ho motho ea tla utloa lentsoe la hạe litseleng. A ke ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, le khoele e kekelang feela ea lebone a ke ke a e tima, ho fihlela a etsa hore Tumelo ea ‘nete e hlole. Lichaba tsohle li tla tšepa lebitso la hae.
