Laboraro
Beke ea 14 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Genese. (41:55-57;42:5-7.17-24)
“Re fumana ho re lokelang, ebile re bile molato ka ho siteloa ngoan’abo rona.”
Eare ha naha eohle ea Egepeta e oeloa ke tlala, sechaba sa lla ka bohobe ho Faro, Faro a re ho ba Egepeta kaofela: E-eang ho Josefa, le etse seo a tla le bolella sona. Tlala e ne e aparetse naha eohle; eaba Josefa o bula meliko kaofela, a rekisetsa ba-Egepeta koro. Tlala eona ea ‘na ea tota naheng ea Egepeta. Ba linaha tsohle ba fihla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne s’e totile lefatšeng lohle.
Ke moo bara ba Israele le bona ba ileng ba tla sela ‘moho le ba bang, ba ea teng, ka baka la tlala e neng e le teng naheng ea Kanaana. Josefa e ne e le eena ‘musi oa naha, a rekisetsa batho bohle ba tlang. Bana babo Josefa ba fihla, ba itihela fatše ka lifahleho ka pele ho eena. Eitse ha Josefa a bona bana babo, a ba tseba, empa a etsa sa mokana e-ka ke molichaba.
A ba hlahlela chankaneng matsatsi a mararo. Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Ha le batla ho phela, ka ha ke le motho ea tšabang Molimo, etsang tjena: Ha efela le le batho ba nang le ‘nete, e mong ngoan’abo lona, a sale e le motlamuoa tlung ea chankana eo le leng ho eona, ha lona le tsamaea ho isetsa babo lona ba tlaleng koro. Joale le nt’o ntlisetsa ngoan’abo lona e monyenyane, ho tl’o pakahale bonnete ba mantsoe a lona, le tle le se ke la shoa.
‘Me ba etsa joalo. Eaba ba buisana, ba re: Ruri, re bile molato ka ho siteloa ngoan’abo rona, eo re ileng ra bona matlokotsi a pelo ea hae, ra mpa ra hana ho mo utloa, ha a nts’a re rapela. Ke ka baka lena re hlahetsoeng ke tlokotsi ena le rona.
Rubene a ba fetola, a re: Ana ke ne se ke ke le joetsa, ka re: Se etsetseng ngoan’abo lona sehloho?
Empa la hana ho nkutloa. Joale ke mona, mali a hae a re qosa. Ba ne ba sa tsebe hore Josefa o nts’a ba utloa; hobane o n’a buisana le bona ka toloko. Josefa a ba siea, a ea lla.
PESALEMA 32
MOHAU UA HAU MORENA O KE O BE HOLIMA RONA JOALOKA HA RE U TšEPILE.
Bokang Morena ka harepa,
le mo letsetse cithara.
‘Mineleng sefela se secha,
le li tilinye ka makhethe le ntse le khelekenya.
MOHAU UA HAU MORENA O KE O BE HOLIMA RONA JOALOKA HA RE U TšEPILE.
Morena o fetola merero ea Lichaba lefeela,
o nyopisa mehopolo ea merabe.
Athe morero oa Morena o tiile kamehla,
mehopolo ea pelo ea hae ke ea meloko le meloko.
MOHAU UA HAA MORENA O KE O BE HOLIMA RONA JOALOKA HA RE U TšEPILE.
Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,
ba tšepileng mohau oa hae,
hore a ba phemise lefu,
a ba baballele bophelo nakong ea tlala.
MOHAU UA HAU MORENA O KE O BE HOLIMA RONA JOALOKA HA RE U TšEPILE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10:1-7)
“Le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea lsraele.”
Ka nako eo, Jesu a bitsa barutuoa ba hae ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla holim’a meea e litšila, hore ba tle ba e leleke, ba folise maloetse ‘ohle le bofokoli bohle. Mabitso a baapostola ba leshome le metso e ‘meli ke ana: oa pele ke Simone ea bitsoang Peterosi, le Andreas ngoan’abo; Jakobo, mora oa Zebedea, le Joannes ngoanabo; Filippi le Bartholome; Thomas le mokhafisi Matheus; Jakobo, mora oa Alfea, le Thaddea; Simone Mokanana le Judase Iskariota, ea bileng a mo eka.
Ba leshome le metso e ‘meli bana, Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le se ke Ia tsamaea ka tsela e isang ho bahetene, ‘me le se ke la kena motseng ofe kapa ofe oa Basamaria; le mpe le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Israele. Ere ha le ntse le e-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi!
