Laboraro
Beke ea 14 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Genese. (21:5.8-20)
“Mor’a lekhabunyane h’a lokele ho bạ mojalefa hammoho le mor’a ka Isaaka.”
Lilemo tsa Abrahama li ne li le lekholo h’a tsoalloa Isaaka, mor’a hae. Ngoana a hola, a ba a khoesoa. Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a khoesoang ka lona. Sara a bona mora eo Hagare, Mo-Egepeta, a neng a mo tsoaletse Abrahama, a ntse a bapala le Isaaka.
Joale a re ho Abrahama: Leleka lekhabunyane leo le mor’a lona, hobane mor’a lekhabunyane leo h’a lokele ho ba mojalefa hammoho le mor’a ka Isaaka. Polelo ena ea soabisa Abrahama haholo ka baka la mor’a hae.
Empa Molimo a re ho Abrahama: U se ke ua soaba ka baka la moshanyana le lekhabunyane la hau. U mpe u mamele tsohle tseo Sara a u bolellang tsona, hobane ke ka Isaaka u tlang ho ba le lesika le tla rehelloa uena. Le eena mor’a lekhabunyane, ke tla mo etsa sechaba hobane ke oa lesika la hau.
Abrahama a tsoha e sa le ka meso, a nka bohobe le lekuka la metsi, a li neha Hagare, a mo pepisa ngoana, ‘me a mo lokolla. Hagare a tloha, a ea lelera lefeelleng la Beersheba.
Eare ha metsi a fela ka lekukeng. Hagare a beha ngoana tlas’a sehlahla, ‘me a ea lula thokoana malebana le eena, sebaka se kang sa ho betsoa ha motsu oa seqha; ka ha a ne a re: Ke se ke ka bona ngoana h’a e-shoa. H’a nts’a lutse moo malebana le eena, ngoana a qala ho lla le ho bokolla.
Molimo a utloa sello sa moshanyana; ‘me lenyeloi la Molimo la hoeletsa Hagare, le le leholimong, la re: Molato ke’ng, Hagare? Se tšabe, hobane Molimo o utloile sello sa moshanyana, moo a leng teng. Ema, u nke moshanyana, u mo tšoare ka letsoho, hobane ke tla mo etsa sechaba se seholo.
Eaba Molimo o tutubolla mahlo a Hagare. A bona seliba: a ea tlatsa lekuka, a noesa moshanyana. Molimo a baballa moshanyana; eaba o’a hola, a nts’a phela feelleng: ‘me a tsoma ka seqha.
PESALEMA 33
MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.
Mohloki ke eo a hoeletsa; Morena a mo utloa,
‘me a mo pholosa litlallong tsohle tsa hae.
Lenyeloi la Morena le larile haufi le ba mo tšabang,
hore le tle le ba thusetse.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.
Tšabang Morena, lona bahalaleli bohle ba hae,
hobane ba mo tšabang ha ba hloke letho.
Litaoana li ka hloka, tsa lapa,
athe ba batlang Morena ba ke ke ba hloka tse molemo.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.
Tlohong, bana ba ka, le mamele:
ke tla le ruta tšabo ea Morena.
Ke mang oa lona ea batlang ho phela,
le ho bona litšiu tsa boiketlo?
MOHLOKI KE EO A HOELETSA, MORENA A MO UTLOA.
Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Matheus. (8:28-34)
“Ebe u tlile koano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
Ka nako eo, hoba Jesu a fihle mose oane naheng ea ba-Gadara, a khahlanyetsoa ke banna ba babeli ba tšoenngoang ke bademone, ba e-tsoa mabitleng, ba tuka ke khalefo, hoo ho neng ho se motho ea ka fetang ka tsela eo. Ba be ba hooa, ba re: Taba ea rona le uena ke efe, Mora oa Molimo? Ebe u tlile koano ho re hlakofatsa pele ho nako?
Joale thokonyana le bona ho n’o nts’o fula mohlape oa likolobe tse ngata. Bademone ba rapela Jesu, ba re: Ha u re leleka mona, u mpe u re romele mohlapeng oane oa likolobe. A re ho bona: E-eang! Ke ha ba e-tsoa ba ea likolobeng tseo, ‘me mohlape kaofela oa matha, oa tsubella selomong, oa itihela leoatleng, oa shoela metsing.
Eaba balisana b’a baleha, ba il’o tlaleha tsohle motseng, le tsa ba neng ba tšoenngoa ke bademone. Ke ha batho ba motse kaofela ba e-tsoa ho ea khahlanyetsa Jesu; ‘me hang ha ba ‘mona, ba mo rapela hore a tlohe tikolohong ea habo bona.
