Vinkmag ad

Lihoai li thoholetsa SADP2

Temo e tlokotsing ka lebaka la lehloa le khethehang ka nako eo le sa lebelloang ka eona, komello e nkang nako e telele ‘moho le libaka tseo lijalo li chesoang ke lebatama la letsatsi. Litaba tsena, li boletsoe ke Mookameli oa Morero oa Ntšetsopele oa Lihoai tse ntseng li Thuthuha (SADP2) Mpaki Makara ka la 24 Phupjane monongoaha.

A re ka lebaka la boemo bona, ba bile le boithuto naha ka bophara hore na ba ka kenya leano la tšireletso ea temo tšebetsong joang hore lihoai li lule li tseba hore li na le setšireletso nakong ea likoluoa le ea ho senyeheloa ka lebaka la boemo ba phetoho ea leholimo. A re ba ile ba fumana hore lihoai tse ngata li thabetse taba ena, kaha li le seboko ka hore leha li leka ho itlhahisetsa li’a senyeheloa ka lebaka la tlholeho.

A re e kholo ke hore ha ba sireletsehile temong ba tla sebetsa ba e-na le tšepo ea ho fuoa matšeliso. O re lihoai tsa Mafeteng, Quthing le Mohale’s Hoek li bonahala li otloa ke lebatama la komello, ‘me ba ba khothaletsa ho potlakela sehlahisoa sena hore tlhahiso ea bona e tle e sireletsehe.

O tsoetsepele hore morero o ikelelitse ho kenya litaba tsa tšireletso ea lihoai tšebetsong e le mokhoa o tla sebelisoa ho tšelisa lihoai le hore li une molemo nakong ea tahlehelo e ka tlisoang ke likoluoa tse sa lebelloang le likotsi tse ling tse amanang le likoluoa.

Setsebi litabeng tsena, Fusi Morokole o hlalositse hore ‘Muso le batho ba etsang maano ba lokela ho theha moralo o nolofatsang ho theha tšireletso ena, e le ho nolofaletsa lihoai ho e utloisisa le ho e sireletsa ka molao har’a tse ling. A re ho theha maano ho thusa lihoai kamor’a kotulo hore li lefelle litokomane tsa tsona, sena se ka thusa hore li khahlametsoe e le hore bohle ba une molemo ka mokhoa o bonolo.

A re joaloka linaheng tse ling mofuta ona oa tšireletso ke tlhoko ea mantlha empa e lokelang ho etsoa ho ipapisitsoe le mefuta ea likoluoa e hlahelang naha, lihoai le sechaba hore qetellong bohle ba tšelisoe ka tsela e khotsofatsang e thusang sehoai ho phahama ha bonolo se khutlela temong.

E mong oa lihoai tsa temo ea litapole ea bileng ‘mokeng ona, o lebohile SADP2 ka sehlahisoa sena kaha se tl’o ba thusa ho arabela litlhoko tsa bona, ho se putlamele ruri ha ba ile ba oeloa ke likoluoa masimong le ho ameha ha tlhahiso. A o khothaletsa ‘muso ho potlakela litaba tsena kaha boholo ba sechaba bo khothaletsoa ho kena temong ka matla.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Phupjane 2025

Read Next

T.Connect-Ls e theha mesebetsi

Most Popular