Vinkmag ad

La 29 Phato 2024

Lefu la Joannes Mohlatsoi ea halalelang

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia, (1:17-19)

“U ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba.”

Matsatsing ao, lentsoe la Morena la mphihlela, la re: u itlame letheka, u eme, u ba bolelle tsohle tseo ke tla u laela tsona. U se ke ua ba tšaba, esere le ‘na ka u kenya tsabo mahlong a bona. Bona, kajeno ke u behile u le joaloka motse o sireletsehileng, tšiea ea Tšepe le lerako la koporo, u t’lu hanyetse naha ena kaofela: likhosi tsa Juda le mahosana a eona, baprista ba eona le sechaba sa eona. Ba tla u loantša, empa ba tla sitoa ho u hlöla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho rialo Morena.

PESALEMA 70

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

Ka ho ea ka toka ea hao,

u ‘namolele ‘me u ntokolle,

ntšekehele tsebe ‘me u mpholose.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

U be lefika leo ke itsireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona;

efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

Molimo oa ka, ak’u ‘ntše liatleng tsa ea khopo.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

Morena, ke uena tšepo ea ka

Molimo, u bile setehetsco sa ka ho tloha bocheng ba ka.

Ke itšetlehile ka uena ho tloha tlhahong ea ka,

u bile mosireletsi oa ka ho tloha popelong ea ‘mè.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

Molomo oa ka o tla bolela ho loka ha hao,

le pholoho ea hao letsatsi lohle.

Molimo oa ka, u nthutile ho tloha bocheng ba ka,

ke phatlalalitse mesebetsi e tsotehang ea hao

ho fihlela kajeno.

MOLOMO OA KA O TLA BOLELA PHOLOHO EA HAO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka, (6:17-29)

“Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hlooho ea Joannes Mohlatsoi.”

Heroda o ne a ile a romela batho ho ea tšoara Joannes, a mo kenya chankaneng ka baka la Herodiase eo Heroda a neng a mo nyetse, leha e ne e le mobatša Flipi ngoan’abo. Efela Joannes o n’a re ho Heroda: Ha ho lumellehe hore u nke mosali oa ngoan’eno.

Ha e le Herodiase, eena o n’a hloile Joannes haholo, a batla ho ‘molaea, a mpa a sitoa, hobane Heroda o n’a mo tšaba, ka ho tseba hore ke motho ea lokileng, ea halalelang, ‘me o n’a mo sireletsa. Hoba a mo utloe, o n’a tsieleha haholo; leha ho le joalo, o n’a mo mamela a se na lekhonono.

Empa monyetla oa hlaha, ka letsatsi la khopotso ea tsoalo ea Heroda. A etsetsa mahosana le balaoli ba hae le batho ba baholo ba Galilea mokete oa lijo. Eare hoba morali oa Herodiase a kene, a etsa chao, ‘me a khahlisa Heroda le ba neng ba le lijong le eena.

Eaba morena o re ho moroetsana: Nkope seo u se ratang, ke tla u fa sona. A ba a mo hlapanyetsa, a re: Sohle seo u tla se kopa, ke tla u fa sona, leha e ka ba karolo ea bobeli ea ‘muso oa ka.

Moroetsana a tsoa, a fihla, a botsa ‘m’ae, a re: Ke tla kopa’ng na? Eo a re: Hloho ea Joannes Mohlatsoi. Hang a potlakela ho boela ho morena, a kopa, a re: Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Morena a soaba haholo, empa ka baka la boikano ba hae, le ka baka la ba neng ba le lijong le eena o n’a sa batle ho mo hanela. Hang a roma e mong oa balebeli, a mo laela hore a tlise hloho ea Joannes Mohlatsoi.Molebeli a ea, a fihla a mo khaola hloho ka chankaneng; a nt’o tlisa hloho ea hae ka mokeke, a e nehela ngoanana, ‘me ngoanana a e nehela ‘m’ae. Eitse ha barutuoa ba Joannes ba utloa hoo, ba tla ho nka setopo sa hae, ‘me ba se boloka lebitleng.

Vinkmag ad

Read Previous

RCCG e tsetela M1.6Millione ho ntlafatsa thuto

Most Popular